5. Ekare ha le baka ruri mekgweng ya lona le diketsong tsa lona, ha le etsa kahlolo ya nnete mahareng a motho e mong le wa habo;
6. ha le sa tube moditjhaba le kgutsana le mohlolohadi, le sa tsholle madi a se nang molato nqalong ena, ha le sa tsamaele medimo esele, ka ho lahleha ha lona;
7. ke tla le ahisa nqalong ena, lefatsheng leo ke le neileng bontata lona, ho isa ka ho sa feleng.
8. Bonang, le ntse le itshepetse dipolelong tsa lefeela tse sa thuseng letho.
9. Le reng? Le re, ho utswa, ho bolaya, ho feba, ho ana ka leshano, ho tjhesetsa Baale dibano, le ho tsamaela medimo esele eo le sa e tsebeng, le ka etsa tseo;
10. le ntano tla, le ema pela ka ka tlung ena, eo lebitso la ka le bitswang ho yona, mme le re: Re namoletswe! athe ke hore ho etswe manyala ao kaofela na?