Jeremia 7:31-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

31. Ba hahile linqalo tse diphahameng tsa Tofethe, kgohlong ya mora Hinnome, ho tjhesa bara ba bona le baradi ba bona mollong, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, mme ha se a ka sa hlaha pelong ya ka.

32. Ka baka leo, ho bolela Jehova, bonang, ho tla matsatsi ao ho sa tlo ka ho bitswa Tofethe ka wona, leha e le kgohlo ya mora Hinnome, empa ho tla bitswa kgohlo ya polao, mme ho tla epelwa ditopo Tofethe, ka ho hloka sebaka.

33. Ditopo tsa setjhaba sena e tla ba dijo tsa manong a lehodimo le tsa dibatana tsa lefatshe; ha ho ka ke ha eba motho ya di tshosang.

34. Mme metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ke tla kgutsisa lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, hobane lefatshe le tla be le entswe lesupi.

Jeremia 7