Jeremia 7:25-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

25. Esale mohla ke ntshang bontata lona moholo lefatsheng la Egepeta ho fihlela tsatsi lena, nkile ka nna ka le romela bahlanka ba ka kaofela ba baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa ka tsatsi le leng le le leng, mme ke ba roma.

26. Empa ha ba ka ba utlwa, leha e le ho sekeha tsebe; ba hlile ba sataladitse melala, ba entse hampe ho fetisa bontata bona.

27. O ba bolelle ditaba tseo kaofela, empa ba ke ke ba o utlwa; o bitse ho bona, empa ba ke ke ba o araba.

28. O ba bolelle, o re: Sena ke setjhaba se sa utlweng lentswe la Jehova, Modimo wa sona, mme ha se amohele tayo; nnete e fedile, e kgaoletswe melomong ya bona.

29. O ikute moriri, o o lahle, o hlabe kodiyamalla marallaneng, hobane Jehova o lahlile moloko oo a o halefetseng, o o kgesitse.

30. Hobane bana ba Juda ba entse bobe pela ka, ho bolela Jehova, ba beile manyala a bona ka tlung eo lebitso la ka le bitswang ho yona, ba tle ba e silafatse.

31. Ba hahile linqalo tse diphahameng tsa Tofethe, kgohlong ya mora Hinnome, ho tjhesa bara ba bona le baradi ba bona mollong, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, mme ha se a ka sa hlaha pelong ya ka.

Jeremia 7