17. Na ha o bone seo ba se etsang metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema?
18. Bana ba rwalla patsi, bontata bona ba besa mollo, basadi ba duba hlama ho etsetsa mofumahadi wa lehodimo dinkgwana, ba tshella medimo esele dino, ba tle ba mphephetse.
19. Na ba fela ba phephetsa nna, ho bolela Jehova? Ha ke re, ba ipephetsa e le bona, ba tle ba hlabiswe dihlong difahlehong tsa bona?
20. Ka baka leo, ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, bohale ba ka le kgalefo ya ka e tla tshollelwa nqalo ena, le batho, le dikgomo, le difate tsa naha, le ditholwana tsa naha; e tla nne e tjhese, e sa tingwe.
21. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le ka mpa la ekeletsa mahlabelo a lona ka ditjheso tsa lona, la nna la ja nama ya tsona.
22. Hobane ha ke a ka ka bolella bontata lona, ha ke a ka ka ba nea taelo bakeng sa setjheso leha e le bakeng sa sehlabelo, mohla ke ba ntshang lefatsheng la Egepeta.
23. Empa ke yona taba eo ke ba laetseng yona, ka re: Le nne le mamele lentswe la ka, mme ke tla ba Modimo wa lona, lona le be setjhaba sa ka, le tsamaye mehlaleng yohle eo ke le laelang yona, le tle le hlohonolofale.
24. Empa ha ba ka ba utlwa, leha e le ho sekeha ditsebe, ba nnile ba tsamaya mererong le bothateng ba dipelo tse mpe tsa bona, ba nnea seholoholo, e seng sefahleho.
25. Esale mohla ke ntshang bontata lona moholo lefatsheng la Egepeta ho fihlela tsatsi lena, nkile ka nna ka le romela bahlanka ba ka kaofela ba baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa ka tsatsi le leng le le leng, mme ke ba roma.
26. Empa ha ba ka ba utlwa, leha e le ho sekeha tsebe; ba hlile ba sataladitse melala, ba entse hampe ho fetisa bontata bona.
27. O ba bolelle ditaba tseo kaofela, empa ba ke ke ba o utlwa; o bitse ho bona, empa ba ke ke ba o araba.
28. O ba bolelle, o re: Sena ke setjhaba se sa utlweng lentswe la Jehova, Modimo wa sona, mme ha se amohele tayo; nnete e fedile, e kgaoletswe melomong ya bona.