13. Jwale, ka baka la hobane le entse tseo tsohle, ho bolela Jehova, mme nkile ka nna ka bua ho lona, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, empa ha le a ka la mmamela; mme nkile ka bitsa ho lona, empa ha le a ka la araba;
14. ka baka leo, ke ya etsa ntlo eo lebitso la ka le bitswang ho yona, eo le itshepetseng yona, le leaho leo ke le neileng lona le bontata lona, jwalokaha ke setse ke entse Silo;
15. ke le lahle, le tle le tloswe pela ka, jwalokaha ke setse ke lahlile banababo lona bohle, e leng leloko la Efraime kaofela.
16. Haele wena, o se ke wa rapella setjhaba sena, o se ke wa phahamisa mohoo leha e le thapelo bakeng sa bona, o se ke wa ntiisetsa matla, hobane ha ke na ho o utlwa.
17. Na ha o bone seo ba se etsang metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema?
18. Bana ba rwalla patsi, bontata bona ba besa mollo, basadi ba duba hlama ho etsetsa mofumahadi wa lehodimo dinkgwana, ba tshella medimo esele dino, ba tle ba mphephetse.
19. Na ba fela ba phephetsa nna, ho bolela Jehova? Ha ke re, ba ipephetsa e le bona, ba tle ba hlabiswe dihlong difahlehong tsa bona?
20. Ka baka leo, ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, bohale ba ka le kgalefo ya ka e tla tshollelwa nqalo ena, le batho, le dikgomo, le difate tsa naha, le ditholwana tsa naha; e tla nne e tjhese, e sa tingwe.
21. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le ka mpa la ekeletsa mahlabelo a lona ka ditjheso tsa lona, la nna la ja nama ya tsona.
22. Hobane ha ke a ka ka bolella bontata lona, ha ke a ka ka ba nea taelo bakeng sa setjheso leha e le bakeng sa sehlabelo, mohla ke ba ntshang lefatsheng la Egepeta.
23. Empa ke yona taba eo ke ba laetseng yona, ka re: Le nne le mamele lentswe la ka, mme ke tla ba Modimo wa lona, lona le be setjhaba sa ka, le tsamaye mehlaleng yohle eo ke le laelang yona, le tle le hlohonolofale.