10. Nka bitsa mang, nka botsa mang, ba tle ba mamele? Bonang, tsebe ya bona ha e a bolla, ba sitwa ho ela taba hloko; bonang, lentswe la Jehova le fetohile sesomo hara bona, ha ba sa ikgahlisetsa lona.
11. Ke tletse kgalefo ya Jehova, ke kgathetse ke ho e thibela; ke ya e tshollela baneng ba diterateng, le phuthehong ya bahlankana; le hona monna o tla tshwarwa hammoho le mosadi, leqheku le ya qetileng ditshiu tsa hae.
12. Matlo a bona a tla ruwa ke baditjhaba, le wona masimo le basadi hammoho, mohla ke otlollang letsoho la ka ho baahi ba lefatshe, ho bolela Jehova.
13. Hobane ba hlile ba ineela takatso ya ho rua kaofela, e monyenyane le e moholo; moporofeta le moprista e mong le e mong ba etsa bohata.
14. Ba oka leqeba la moradi wa setjhaba sa ka ka bobebe, ka ho re: Kgotso! kgotso! kanthe ha ho kgotso.
15. Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba ntse ba etsa manyala. Jo! ha ba tsebe ho hlabiswa dihlong, ha ba utlwe bohloko ba dihlong; ka baka leo, ba tla wa le ba wang; mohla ke ba kgalemelang, ba tla dihuwa, ho bolela Jehova.
16. Ho itswe ke Jehova: Emang ditseleng le tadime, le botse ditsela tsa kgale; botsang hore na tsela e ntle ke efe? mme le tsamaye ka yona, le tle le fumanele meya ya lona phomolo. Ba mpa ba re: Ha re na ho tsamaya teng.
17. Ke beile ho lona dibohodi tse reng: Mamelang lentswe la terompeta. Ba mpa ba re: Ha re na ho mamela.
18. Ka baka leo, utlwang, lona ditjhaba, mme wena phutheho ya ditjhaba, o tsebe se tla ba hlahela.
19. Wena lefatshe, mamela! Bonang, ke ya tlisetsa setjhaba sena kotsi, e leng tholwana ya mehopolo ya sona, hobane ha ba ka ba mamela mantswe a ka, mme ba nyedisitse molao wa ka.
20. Dibano tse tswang Sheba e ka ba eng ho nna, le monko o monate la naha e hole nka le reng? Ditjheso tsa lona ha di nkgahlise, mahlabelo a lona ha a nnatefele.
21. Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya beela setjhaba sena dikgopiso; banna le bana hammoho ba tla kgoptjwa ho tsona; motala wa teng le motswalle wa hae ba tla timela.
22. Ho itswe ke Jehova: Bonang, setjhaba se ya tswa lefatsheng la Leboya, setjhaba se seholo se ya hlaha se tswang dipheletsong tsa lefatshe.
23. Ba tshwere seqha le lerumo, ba bohalehale, ha ba na ho hauhela; lentswe la bona le duma jwaloka lewatle, ba palamile dipere, ba hlometse jwaloka motho ya o futuhelang, wena moradi wa Sione.
24. Re utlwile botumo ba sona, mme matsoho a rona a hlile a fokola, tsietsi e re tshwere, bohloko ke bo jwaloka ba ya belehang.
25. Le se ke la tswela naheng, le se nke maeto, hobane lerumo la sera le teng, ho tshabeha ka nqa tsohle.
26. Moradi wa setjhaba sa ka, o itlame ka lesela le mahwashe, o pitike moloreng; o itelele jwalokaha ho llelwa ya tswetsweng a nnotshi, ka dillo tse bohlokohloko, hobane mosenyi o ya re tlela ka sehloho.
27. Ke o beile jwaloka tora le qhobosheane hara setjhaba sa ka, hore o tsebisise, mme o leke metsamao ya bona.