1. Bana ba Benjamine, balehang hara Jerusalema, le letse terompeta Tekowa; hlahisang pontsho ya mollo Bethe-Hakkereme, hobane tsietsi e tla ho rona, e hlahile nqa leboya le tshenyo e kgolo.
2. Ke a senya moradi wa Sione e motle, ya phelang ka tse monate.
3. Badisa ba ya tla ho yena le mehlape ya bona, ba hlome ditente tsa bona ho e kopela hare, e mong le e mong a fudise bakeng sa hae.
4. Le mo futuheleng! Tlohang hle, re nyoloheng motshehare! Ho madimabe rona, hobane letsatsi le a dikela, mme meriti ya mantsiboya e setse e theile.
5. Tsohang, re nyoloheleng ho yena bosiu, re senye diqhobosheane tsa hae.
6. Hobane Jehova wa makgotla o re: Remang difate, le tsosetse Jerusalema tutudu; ke oo motse o tshwanetseng ho kgalemelwa; kahare ho wona ho tletse botubo.
7. Jwalokaha sediba se tshikgola metsi a sona, o tshikgola bolotsana ba wona jwalo; bothata le botubo bo ntse bo utlwahala ho wona, maqeba le matetetso a pela ka kamehla.
8. Jerusalema, baka, esere moya wa ka wa o furalla, esere ka o fetola lesupi, naha e se nang batho.
9. Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ba tla kgwahlapisa masala a Iseraele, jwalokaha ho kgwahlapiswa morara. O busetse letsoho la hao dirotong, jwalokaha ho etswa ke ya kgwahlapisang.
10. Nka bitsa mang, nka botsa mang, ba tle ba mamele? Bonang, tsebe ya bona ha e a bolla, ba sitwa ho ela taba hloko; bonang, lentswe la Jehova le fetohile sesomo hara bona, ha ba sa ikgahlisetsa lona.
11. Ke tletse kgalefo ya Jehova, ke kgathetse ke ho e thibela; ke ya e tshollela baneng ba diterateng, le phuthehong ya bahlankana; le hona monna o tla tshwarwa hammoho le mosadi, leqheku le ya qetileng ditshiu tsa hae.
12. Matlo a bona a tla ruwa ke baditjhaba, le wona masimo le basadi hammoho, mohla ke otlollang letsoho la ka ho baahi ba lefatshe, ho bolela Jehova.