15. Ba banyenyane ba setjhaba le masala a setjhaba, ba neng ba setse motseng, le bakwenehi ba neng ba ineetse morena wa Babilona, le ba setseng ba bangata, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a ba isa kgolehong.
16. Empa hara mafutsana a lefatshe, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a siya balemi ba merara le ba masimo.
17. Ditshiya tsa koporo tse neng di le ka tlung ya Jehova, le didulo, le letsha la koporo le neng le le ka tlung ya Jehova, Bakalde ba di bolaya, mme koporo kaofela ba ya le yona Babilona.
18. Le dipitsa, le dikgaba, le dithipa, le mafiso, le dijana, le mesebetsi kaofela ya koporo, eo tshebeletso e neng e etswa ka yona, ba ya le yona;
19. hape, molaodi wa balebedi a ya le mehope, le dipane, le mafiso, le dipitsa, le dikandelare, le dijana, le mafiswana; seo e leng sa kgauta a se nka ka ho re ke kgauta; seo e leng sa silefera a se nka ka ho re ke silefera.
20. Haele ditshiya tse pedi, le letsha le le leng, le dikgomo tse leshome le metso e mmedi tsa koporo, tse neng di le tlasa lona, le didulo tse neng di etseditswe ntlo ya Jehova ke Salomone, koporo ya mesebetsi eo kaofela e ne e se na ho lekanngwa.
21. Mme ditshiya tse pedi, bolelele ba tshiya e nngwe e ne e le ditswe tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi; e ne e kopjwa ka kgole ya ditswe tse leshome le metso e mmedi; mme botenya ba yona e ne e le menwana e mene, hobane e ne e le sekoti.
22. Hlooho ya koporo e ne e le teng ntlheng ya hodimo ya yona; bolelele ba hlooho e nngwe e ne e le ditswe tse hlano; letanta le digaranata di ne di le teng molaleng wa hlooho, e le tsa koporo kaofela ha tsona; tshiya ya bobedi e ne e le jwaloka eo, e ena le digaranata.