Jeremia 52:1-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Tsedekia o ne a le dilemo tse mashome a mabedi ha a bewa morena, mme a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Hamuthale, moradi wa Jeremia wa Libna.

2. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, ka mokgwa wohle oo Jojakime a neng a entse ka wona.

3. Ha eba jwalo ka baka la bohale ba Jehova, bo neng bo tuketse Jerusalema le Juda, hore a ba lahle pontsheng ya hae. Mme Tsedekia a kwenehela morena wa Babilona.

4. Selemong sa boroba mono o le mong sa puso ya Tsedekia, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, Nebukadresare, morena wa Babilona, a futuhela Jerusalema, yena le makgotla a hae kaofela; ba emisa pela motse, mme ba haha lerako pela wona ho o kopela hare.

5. Motse wa thibellwa ho isa selemong sa leshome le motso o mong sa morena Tsedekia.

6. Ka kgwedi ya bone, ka la boroba mono o le mong, tlala e be e le kgolo motseng; ho ne ho se bohobe ho setjhaba sa lefatshe.

7. Eitse hobane motse o phunngwe, bahlabani kaofela ba baleha; ba tswa motseng ka bosiu, ka kgoro e mahareng a marako a mabedi a serapeng sa morena; Bakalde ba ne ba ntse ba thibeletse motse; yaba ba ya ka tsela ya lehwatata.

8. Makgotla a Bakalde a phallela morena, a ba a fihlela Tsedekia lehwatateng la Jordane; yaba makgotla a hae kaofela a mo qhalanela.

9. Ba tshwara morena, ba mo tlisa ho morena wa Babilona, Ribla, lefatsheng la Hamathe, mme a mo ahlola teng.

10. Morena wa Babilona a bolaya bara ba Tsedekia pontsheng ya hae, le baholo bohle ba Juda a ba bolaela Ribla.

11. A honya mahlo a Tsedekia, a mo tlama ka mahlaahlela a koporo, mme morena wa Babilona a mo isa Babilona, a mo hlahlela teronkong ho isa tsatsing la lefu la hae.

12. Ka kgwedi ya bohlano, ka la leshome la kgwedi, e leng ka selemo sa leshome le metso e robileng mono o le mong sa Nebukadresare, morena wa Babilona, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, ya neng a sebeletsa morena wa Babilona, a tla Jerusalema.

13. A tjhesa ntlo ya Jehova, le ntlo ya morena, le matlo wohle a Jerusalema, a tjhesa matlo a maholo kaofela ka mollo.

14. Marako kaofela a kopelang Jerusalema hare, makgotla kaofela a Bakalde ao molaodi wa balebedi a neng a ena le wona a a rapalatsa.

15. Ba banyenyane ba setjhaba le masala a setjhaba, ba neng ba setse motseng, le bakwenehi ba neng ba ineetse morena wa Babilona, le ba setseng ba bangata, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a ba isa kgolehong.

16. Empa hara mafutsana a lefatshe, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a siya balemi ba merara le ba masimo.

17. Ditshiya tsa koporo tse neng di le ka tlung ya Jehova, le didulo, le letsha la koporo le neng le le ka tlung ya Jehova, Bakalde ba di bolaya, mme koporo kaofela ba ya le yona Babilona.

18. Le dipitsa, le dikgaba, le dithipa, le mafiso, le dijana, le mesebetsi kaofela ya koporo, eo tshebeletso e neng e etswa ka yona, ba ya le yona;

Jeremia 52