Jeremia 52:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Tsedekia o ne a le dilemo tse mashome a mabedi ha a bewa morena, mme a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Hamuthale, moradi wa Jeremia wa Libna.

2. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, ka mokgwa wohle oo Jojakime a neng a entse ka wona.

3. Ha eba jwalo ka baka la bohale ba Jehova, bo neng bo tuketse Jerusalema le Juda, hore a ba lahle pontsheng ya hae. Mme Tsedekia a kwenehela morena wa Babilona.

4. Selemong sa boroba mono o le mong sa puso ya Tsedekia, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, Nebukadresare, morena wa Babilona, a futuhela Jerusalema, yena le makgotla a hae kaofela; ba emisa pela motse, mme ba haha lerako pela wona ho o kopela hare.

5. Motse wa thibellwa ho isa selemong sa leshome le motso o mong sa morena Tsedekia.

6. Ka kgwedi ya bone, ka la boroba mono o le mong, tlala e be e le kgolo motseng; ho ne ho se bohobe ho setjhaba sa lefatshe.

7. Eitse hobane motse o phunngwe, bahlabani kaofela ba baleha; ba tswa motseng ka bosiu, ka kgoro e mahareng a marako a mabedi a serapeng sa morena; Bakalde ba ne ba ntse ba thibeletse motse; yaba ba ya ka tsela ya lehwatata.

8. Makgotla a Bakalde a phallela morena, a ba a fihlela Tsedekia lehwatateng la Jordane; yaba makgotla a hae kaofela a mo qhalanela.

9. Ba tshwara morena, ba mo tlisa ho morena wa Babilona, Ribla, lefatsheng la Hamathe, mme a mo ahlola teng.

10. Morena wa Babilona a bolaya bara ba Tsedekia pontsheng ya hae, le baholo bohle ba Juda a ba bolaela Ribla.

11. A honya mahlo a Tsedekia, a mo tlama ka mahlaahlela a koporo, mme morena wa Babilona a mo isa Babilona, a mo hlahlela teronkong ho isa tsatsing la lefu la hae.

Jeremia 52