Jeremia 51:8-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Babilona o wele hang, o robehile. Bokollang bakeng sa hae, le kukele bohloko ba hae sehlare; ekaba o tla fola.

9. Re kile ra oka Babilona, empa ha a fole; a re mo tloheleng, re ikeleng e mong le e mong lefatsheng la heso, hobane kahlolo ya hae e fihla mahodimong, e phahametse maru.

10. Jehova o bonahaditse ho loka ha rona; tloong, re boleleng hara Sione mesebetsi ya Jehova, Modimo wa rona.

11. Leotsang metsu, le tshware dithebe. Jehova o tsositse moya wa marena a Bamede; hobane morero wa hae o reretswe Babilona ho mo senya, hobane tefetso ya Jehova ke eo, tefetso ya tempele ya hae.

12. Emisetsang marako a Babilona folaga, tiisang balebedi, beang dibohodi, le lokise dihlwela, hobane Jehova le yena o a rera, le hona o tla etsa seo a se boletseng bakeng sa baahi ba Babilona.

13. Wena ya ahileng metsing a maholo, ya tletseng matlotlo, bofelo ba hao bo tlile, boshodu ba hao bo ya fela.

14. Ho ana Jehova wa makgotla ka ho phela ha hae, o re: E, ruri, ke sa tla o tlatsa ka batho ba kaale ba ditsie, mme ba tla o hlabela mokgosi.

15. O entse lefatshe ka matla a hae, o lokisitse lefatshe le ahilweng ka bohlale ba hae, ka hlalefo ya hae o adile mahodimo.

Jeremia 51