Jeremia 51:34-46 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

34. Nebukadresare, morena wa Babilona, o re jele, o re qetile, o re entse lefiso le feela, o re metsitse jwaloka drakone, o ikgorisitse mpa ka menate ya rona, o re lelekisitse.

35. Botubo boo ke bo etseditsweng, le nama tsa ka tse harotsweng, di ke di be hodima Babilona, ho tla bolela moahi wa Sione; madi a ka a be hodima baahi ba Kalde, ho tla bolela Jerusalema.

36. Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla o emela kgotla, ke o pheteletse; ke tla omisa letsha la hae, ke pshese sediba sa hae.

37. Babilona o tla etswa diqubu tsa majwe, leaho la diphokojwe, makatso le sesomo, moo ho seng moahi teng.

38. Ba tla puruma hammoho jwaloka ditau, ba lle jwaloka ditawana.

39. Etlare ha ba futhumetse, ke tla ba etsetsa mokete, ke ba tahise, hore ba tle ba nyakalle, ba be ba ye ho robala boroko bo sa feleng, ba se ke ba hlola ba tsoha, ho bolela Jehova.

40. Ke tla ba theosetsa hlabong jwaloka dinku, jwaloka diphooko hammoho le dipheleu.

41. Sheshake (Babilona) o hapilwe jwang? Bo phahlilwe jwang, bokgabane ba lefatshe kaofela? Babilona o entswe jwang makatso hara ditjhaba?

42. Lewatle le tlile Babilona, o apesitswe ke ho dumaduma ha maqhubu.

43. Metse ya hae e entswe lesupi feela, naha e tshehla le lefeela, lefatshe le se nang motho ya ahileng ho lona, leha e le ngwana motho ya fetang ka lona.

44. Ke tla kgalemela Bele Babilona, molomong wa hae ke ntshe seo a se metsitseng: ditjhaba ha di sa tla bokana teng, le hona marako a Babilona a tla heleha.

45. Tswang teng, lona setjhaba sa ka, ho namolele e mong le e mong bophelo ba hae kgalefong e tjhesang ya Jehova.

46. Pelo tsa lona di se ke tsa eba boi, le se ke la tshaba matsoso a tlang ho utlwahala lefatsheng, hobane selemong se seng letsoso le tla tla, mme hamorao, selemong se seng, letsoso le leng le tla ba teng, le botubo lefatsheng, e le morena e mong ya lwantshang morena e mong.

Jeremia 51