Jeremia 51:13-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Wena ya ahileng metsing a maholo, ya tletseng matlotlo, bofelo ba hao bo tlile, boshodu ba hao bo ya fela.

14. Ho ana Jehova wa makgotla ka ho phela ha hae, o re: E, ruri, ke sa tla o tlatsa ka batho ba kaale ba ditsie, mme ba tla o hlabela mokgosi.

15. O entse lefatshe ka matla a hae, o lokisitse lefatshe le ahilweng ka bohlale ba hae, ka hlalefo ya hae o adile mahodimo.

16. Ha a phahamisa lentswe, modumo wa metsi o ye o be teng mahodimong; o nyolosa mehodi dipheletsong tsa lefatshe; ka lehadima o nesa pula, o ntsha moya matlotlong a hae.

17. Motho e mong le e mong o thotofetse, o hloka tsebo; moqhibidisi e mong le e mong o hlabiswa dihlong ka setshwantsho sa hae, hobane setshwantsho sa hae se qhibidisitsweng ke leshano feela, ha ho phefumoloho ho sona.

18. Ntho tseo ke bohata, mesebetsi e somehang; mohla di kgalemelwang di tla fela.

19. Eo e leng kabelo ya Jakobo ha a jwaloka tseo, ke ya bopileng dintho tsohle, mme Iseraele ke kabelo ya lefa la hae: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.

20. O no o le tjhaka ya ka le dibetsa tsa ntwa, ke nnile ka pshatla ditjhaba ka wena, ka timetsa mebuso ka wena.

Jeremia 51