1. Jehova o re: Bonang, ke ya tsosetsa Babilona le ba ahileng naheng ya Leb-Kamai (Bakalde) moya o senyang.
2. Ke tla neela Babilona matsohong a baditjhaba, ba tla mo hlokola, ba kgohose lefatshe, le be feela; hobane ba tla mo teela hare ka nqa tsohle, tsatsing la tlokotsi.
3. Wa seqha a fule ka seqha ka nqa ho ya fulang ka seqha sa hae, le ka nqa ho ya emeng a tshepile tshireletso ya hae; le se ke la qenehela ba batjha ba hae, le fedise makgotla a hae kaofela.
4. Mahlatsipa a tle a we lefatsheng la Bakalde, le ba hlabilweng ba we diterateng tsa lona.
5. Hobane Iseraele le Juda ha ba ka ba lahlwa ke Modimo wa bona, e leng Jehova wa makgotla, mme lefatshe la Bakalde le tletse melato pontsheng ya Mohalaledi wa Iseraele.
6. Balehang Babilona, ho pholose e mong le e mong bophelo ba hae, esere le ka timela ka bokgopo ba hae, hobane nako ya tefetso ya Jehova ke yona eo, o ya busetsa moputso ho yena.
7. Babilona e ne e le senwelo sa kgauta letsohong la Jehova, se tahisang lefatshe kaofela; ditjhaba tsa nna tsa enwa veine ya hae; ka baka leo, ditjhaba di hlile tsa hlanya.
8. Babilona o wele hang, o robehile. Bokollang bakeng sa hae, le kukele bohloko ba hae sehlare; ekaba o tla fola.
9. Re kile ra oka Babilona, empa ha a fole; a re mo tloheleng, re ikeleng e mong le e mong lefatsheng la heso, hobane kahlolo ya hae e fihla mahodimong, e phahametse maru.