Jeremia 50:8-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Balehang Babilona le lefatsheng la Bakalde, le tswele pele, jwaloka diphooko tse etellang mohlape pele.

9. Hobane bonang, ke ya tsosa, ke nyolosetse Babilona phutheho ya ditjhaba tse kgolo tsa lefatshe la Leboya; di tla mmokanela, ebe hona a hapuwang; metsu ya bona e jwaloka ya mohale ya masene, ya ke keng a kgutla a le feela.

10. Mme Kalde o tla etswa kgapo; bahapi ba hae kaofela ba tla kgora yena, ho bolela Jehova.

11. Le fele le thabe, le fele le nyakalle, lona basenyi ba lefa la ka; le tlole jwaloka sethole hara jwang bo botala; le lle jwaloka poho ya pere.

12. Mma lona o hlabisitswe dihlong haholoholo, ya le tswetseng o fetohile mmala: bonang, e se e le setjhaba se katlase ho ditjhaba tsohle, ke lefeella, naha e tshehla le nahathothe.

13. Ka bohale bo tjhesang ba Jehova ha a sa tla ahuwa, mme e tla nne e be lefeella kahohle; e mong le e mong ya tla feta ka Babilona o tla makala, a some ka dikotsi kaofela tsa hae.

14. Emang pela Babilona ka ntwa, le mo teele hare, lona ba fulang ka seqha; mmetseng, le se ke la timana metsu, hobane o hlile o sitetswe Jehova.

15. Tshelang ditlatse ho yena, le ntse le mo teetse hare. O otlolla matsoho a hae; metheo ya hae e a sisinyeha, marako a hae a heleha, hobane ke phetetso ya Jehova; le iphetetse ho yena; kamoo a ileng a le etsa kateng, le mo etse jwalo.

16. Le kgaoletse ho Babilona molemi le ya tshwarang sekele nakong ya ho kotula; pela lerumo le timeletsang, e mong le e mong o tla kgutlela setjhabeng sa habo, e mong le e mong a balehele lefatsheng la habo.

17. Iseraele ke nku e lehlahileng, e phallelwang ke ditau; ka la pele morena wa Assiria o kile a mo ja; ka lena la morao, Nebukadresare, morena wa Babilona, o mo robakile masapo.

18. Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya kgalemela morena wa Babilona le lefatshe la hae, jwalokaha nkile ka kgalemela morena wa Assiria.

19. Ke tla busetsa Iseraele leahong la hae; o tla nne a alohele Karmele le Bashane, moya wa hae o kgore le thabeng ya Efraime le Gileade.

20. Mehleng eo le nakong eo, ho bolela Jehova, ho tla batlwa bokgopo ba Iseraele, mme bo tla ba siyo; le sebe sa Juda, mme ha se ka ke sa fumanwa; hobane ke tla tshwarela bao ke ba siileng.

21. Nyolohela lefatsheng la baikgantshi, o futuhele lona, le baahi ba lona o ba kgalemele. O ba phallele ka lerumo, o ba neele ho fediswa, ho bolela Jehova; o tle o etse kahohle kamoo ke o laetseng kateng.

22. Mokgosi wa ntwa o teng lefatsheng, le polao e kgolo.

23. E bolailwe, e robilwe jwang, noto ya lefatshe lohle? Babilona o sentswe jwang hara ditjhaba?

24. Ke o tjhehetse sefi, mme o tshwerwe, Babilona, o sa tsebe; o bile wa fumanwa, o tshwasitswe, hobane o lwantshitse Jehova.

25. Jehova o butse ntlo ya dihlomo tsa hae, o ntshitse dibetsa tsa kgalefo ya hae teng, hobane ke Morena, Jehova wa makgotla, ya nang le taba le lefatshe la Bakalde.

Jeremia 50