Jeremia 50:16-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Le kgaoletse ho Babilona molemi le ya tshwarang sekele nakong ya ho kotula; pela lerumo le timeletsang, e mong le e mong o tla kgutlela setjhabeng sa habo, e mong le e mong a balehele lefatsheng la habo.

17. Iseraele ke nku e lehlahileng, e phallelwang ke ditau; ka la pele morena wa Assiria o kile a mo ja; ka lena la morao, Nebukadresare, morena wa Babilona, o mo robakile masapo.

18. Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya kgalemela morena wa Babilona le lefatshe la hae, jwalokaha nkile ka kgalemela morena wa Assiria.

19. Ke tla busetsa Iseraele leahong la hae; o tla nne a alohele Karmele le Bashane, moya wa hae o kgore le thabeng ya Efraime le Gileade.

20. Mehleng eo le nakong eo, ho bolela Jehova, ho tla batlwa bokgopo ba Iseraele, mme bo tla ba siyo; le sebe sa Juda, mme ha se ka ke sa fumanwa; hobane ke tla tshwarela bao ke ba siileng.

21. Nyolohela lefatsheng la baikgantshi, o futuhele lona, le baahi ba lona o ba kgalemele. O ba phallele ka lerumo, o ba neele ho fediswa, ho bolela Jehova; o tle o etse kahohle kamoo ke o laetseng kateng.

22. Mokgosi wa ntwa o teng lefatsheng, le polao e kgolo.

23. E bolailwe, e robilwe jwang, noto ya lefatshe lohle? Babilona o sentswe jwang hara ditjhaba?

24. Ke o tjhehetse sefi, mme o tshwerwe, Babilona, o sa tsebe; o bile wa fumanwa, o tshwasitswe, hobane o lwantshitse Jehova.

Jeremia 50