Jeremia 50:15-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Tshelang ditlatse ho yena, le ntse le mo teetse hare. O otlolla matsoho a hae; metheo ya hae e a sisinyeha, marako a hae a heleha, hobane ke phetetso ya Jehova; le iphetetse ho yena; kamoo a ileng a le etsa kateng, le mo etse jwalo.

16. Le kgaoletse ho Babilona molemi le ya tshwarang sekele nakong ya ho kotula; pela lerumo le timeletsang, e mong le e mong o tla kgutlela setjhabeng sa habo, e mong le e mong a balehele lefatsheng la habo.

17. Iseraele ke nku e lehlahileng, e phallelwang ke ditau; ka la pele morena wa Assiria o kile a mo ja; ka lena la morao, Nebukadresare, morena wa Babilona, o mo robakile masapo.

18. Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya kgalemela morena wa Babilona le lefatshe la hae, jwalokaha nkile ka kgalemela morena wa Assiria.

19. Ke tla busetsa Iseraele leahong la hae; o tla nne a alohele Karmele le Bashane, moya wa hae o kgore le thabeng ya Efraime le Gileade.

20. Mehleng eo le nakong eo, ho bolela Jehova, ho tla batlwa bokgopo ba Iseraele, mme bo tla ba siyo; le sebe sa Juda, mme ha se ka ke sa fumanwa; hobane ke tla tshwarela bao ke ba siileng.

21. Nyolohela lefatsheng la baikgantshi, o futuhele lona, le baahi ba lona o ba kgalemele. O ba phallele ka lerumo, o ba neele ho fediswa, ho bolela Jehova; o tle o etse kahohle kamoo ke o laetseng kateng.

22. Mokgosi wa ntwa o teng lefatsheng, le polao e kgolo.

23. E bolailwe, e robilwe jwang, noto ya lefatshe lohle? Babilona o sentswe jwang hara ditjhaba?

24. Ke o tjhehetse sefi, mme o tshwerwe, Babilona, o sa tsebe; o bile wa fumanwa, o tshwasitswe, hobane o lwantshitse Jehova.

25. Jehova o butse ntlo ya dihlomo tsa hae, o ntshitse dibetsa tsa kgalefo ya hae teng, hobane ke Morena, Jehova wa makgotla, ya nang le taba le lefatshe la Bakalde.

26. Le futuheleng, lona ba tswang dipheletsong tsohle; phahlang difala tsa lona, le le bokelle, le be jwaloka qubu ya mangata, mme le le neele thohako; le se ke la siya letho la lona.

27. Hlabang dipoho kaofela tsa lona, di ke di theohele polaong. Ho madimabe bona, hobane ho tlile letsatsi la bona, nako ya kgalemelo ya bona.

28. Lentswe la ba balehang le la ba phonyohang lefatsheng la Babilona le utlwahala Sione, ho tsebisa ba teng tefetso ya Jehova, Modimo wa rona, ya ho itefelletsa tempele ya hae.

29. Biletsang Babilona babetsi bohle ba fulang ka seqha; mo teeleng hare, ho se ke ha eba ya phonyohang; le busetse ho yena ka ketso ya hae, ka tsohle tseo a le entseng tsona, le mo etse jwalo, hobane o ikgantsheditse Jehova, Mohalaledi wa Iseraele.

30. Ka baka leo, bahlankana ba hae ba tla wa diterateng, bahlabani bohle ba hae ba fediswe tsatsing leo, ho bolela Jehova.

31. Bona, ke tla ho wena, moikgohomosi, ho bolela Morena, Jehova wa makgotla, hobane ho tlile letsatsi la hao, nako eo ke o kgalemelang ka yona.

Jeremia 50