1. Ke lona lentswe leo Jehova a kileng a le bolela bakeng sa Babilona, bakeng sa lefatshe la Bakalde, ka moporofeta Jeremia.
2. Tsebisang sena hara ditjhaba, le se tumise, le emise folaga; se tsebiseng, le se ke la se pata, le re: Babilona o hapilwe, Bele o hlabisitswe dihlong, Merodake o swabile; ditshwantsho tsa hae di hlabisitswe dihlong, medimo ya hae e robakilwe dikoto.
3. Hobane setjhaba se tswang Leboya se nyolohela ho sona, ho etsa lefatshe la teng lefeella hore ho se be moahi ho lona; haele batho le makgomo, ba balehile, ba ile.
4. Mehleng eo le nakong eo, ho bolela Jehova, bana ba Iseraele ba tla tla, ba ena le bana ba Juda, ba tla ya ba ntse ba lla, ba batla Jehova, Modimo wa bona.
5. Ba tla botsa tsela ya Sione, difahleho tsa bona ba di lebisitse teng, ba re: Tloong, le kgomarele Jehova ka selekane se sa feleng, se se nang ho lebalwa.
6. Setjhaba sa ka e ne e le mohlape wa dinku tse lahlehileng; badisa ba tsona ba ne ba di kgelosa, ba di sepedisa dithabeng le marallaneng, tsa ba tsa lebala lesaka la tsona.
7. Bohle ba di fumaneng ba ne ba di ja, bao e leng dira ho tsona ba ne ba re: Ha re na molato, kahobane ba hlile ba sitetswe Jehova, leaho la ho loka, tshepo ya bontata bona, yena Jehova.
8. Balehang Babilona le lefatsheng la Bakalde, le tswele pele, jwaloka diphooko tse etellang mohlape pele.
9. Hobane bonang, ke ya tsosa, ke nyolosetse Babilona phutheho ya ditjhaba tse kgolo tsa lefatshe la Leboya; di tla mmokanela, ebe hona a hapuwang; metsu ya bona e jwaloka ya mohale ya masene, ya ke keng a kgutla a le feela.