7. Bakeng sa Edomo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Na ha ho sa le bohlale Themane? Na kelello e timetse ho baeletsi? Na bohlale ba bona bo fedile na?
8. Balehang, le furalle, le ahe sephiring, lona baahi ba Dedane, hobane ke ya tlisetsa Esau kotsi, mohla ke mo kgalemelang.
9. Hoja ebe bakotudi ba merara ba kena ho wena, ha ke re, ba ne ba tla siya ho ka kgwahlapiswang na? Hoja ebe e le mashodu a bosiu, ha ke re, a ne a tla senya ka ho lekana feela?
10. Empa nna, ke hlobodisitse Esau, ke phahlile ditshabelo tsa hae, ha ho sa le moo a ka ipatang teng; leloko la hae le sentswe, le banababo, le ba ahisaneng le yena; o se a le siyo.
11. O ka siya dikgutsana tsa hao, nna ke tla di pholosa, le bona basadi ba bahlolohadi ba hao ba tla ntshepa.
12. Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, ba neng ba sa lokele ho nwa ba tla nwa senwelo, mme wena, o ka be o sa kgalemelwe na? O ke ke wa leswa o sa kgalemelwe, empa e ka kgona o nwe.
13. Hobane ke ana ka nna, ho bolela Jehova, hore Botsra o tla etswa makatso, le nyediso, le tshenyeho, le thohako; le metse kaofela ya teng e tla ba mafeella ka ho sa feleng.
14. Ke utlwile tsebiso e tswang ho Jehova, le molaetsa o rometsweng ho ditjhaba, o re: Bokanang, le mo futuhele, le tsohele ntweng.
15. Hobane bona, ke ya o etsa e monyenyane hara ditjhaba, le ya nyediswang hara batho.
16. Boikakaso ba hao bo o thetsitse, le boikgantsho ba pelo ya hao, ha o ahile mapetsong a mafika, o dutse phahameng ya marallana! Le hoja o ka haha ntlo ya hao phahameng jwaloka ntsu, ke tla o diha teng, ho bolela Jehova.
17. Edomo o tla etswa lesupi feela; e mong le e mong ya fetang ka yena o tla makala, a some bakeng sa dikotsi tsa hae kaofela.
18. Jwalokaha ho kile ha eba ho ripitlweng ha Sodoma le ha Gomorra, le ha metse e mabapa le teng, ho bolela Jehova, ho ke ke ha aha motho leha e le ngwana motho ho ikahela teng.
19. Bonang, jwaloka tau ha e nyoloha mahlakeng a Jordane, o ya nyolohela leahong le thata; mme hang ke tla balehisa Edomo ho lona; eo ke mo kgethang ke tla mo laeletsa yena. Hobane ke mang ya jwaloka nna? Ke mang ya ka mpiletsang kgotla? Ke mang modisa ya ka emang pela ka?
20. Ka baka leo, utlwang morero wa Jehova oo a o reretseng Edomo, le kgopolo ya hae eo a e hopoletseng baahi ba Themane. Ruri, ba sa tla be ba ba hulanye jwaloka dikonyana tse nyenyane! Ruri, leaho la bona le tla senngwa hammoho le bona.
21. Ka modumo wa ho wa ha bona lefatshe le a sisinyeha, lentswe la pokollo ya bona, le utlwahala Lewatleng le Lefubedu.