Jeremia 49:3-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Bokolla, Heshbone, hobane Ai o sentswe; howeletsang, baradi ba Rabba, le apare lesela le mahwashe; llang, le sepele marakong a masimo a merara, hobane Malkome o tla iswa kgolehong hammoho le baprista le matona a hae.

4. O ithorisetsang ka dikgohlo, ka kgohlo e kollang metsi, moradi ya satallang, ya itshepetseng matlotlo a hao, o reng: Ke mang ya ka mphutuhelang na?

5. Bonang, ke ya tlisa mokgosi ho wena, ho bolela Morena, Jehova wa makgotla, ka mathokong wohle a hao, mme le tla qhalana e mong le e mong ka nqa hae, ho se ya bokellang maphanyaphanya.

6. Empa hamorao, ke tla kgutlisa ba kgolehong ba bana ba Ammone, ho bolela Jehova.

7. Bakeng sa Edomo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Na ha ho sa le bohlale Themane? Na kelello e timetse ho baeletsi? Na bohlale ba bona bo fedile na?

8. Balehang, le furalle, le ahe sephiring, lona baahi ba Dedane, hobane ke ya tlisetsa Esau kotsi, mohla ke mo kgalemelang.

9. Hoja ebe bakotudi ba merara ba kena ho wena, ha ke re, ba ne ba tla siya ho ka kgwahlapiswang na? Hoja ebe e le mashodu a bosiu, ha ke re, a ne a tla senya ka ho lekana feela?

10. Empa nna, ke hlobodisitse Esau, ke phahlile ditshabelo tsa hae, ha ho sa le moo a ka ipatang teng; leloko la hae le sentswe, le banababo, le ba ahisaneng le yena; o se a le siyo.

11. O ka siya dikgutsana tsa hao, nna ke tla di pholosa, le bona basadi ba bahlolohadi ba hao ba tla ntshepa.

12. Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, ba neng ba sa lokele ho nwa ba tla nwa senwelo, mme wena, o ka be o sa kgalemelwe na? O ke ke wa leswa o sa kgalemelwe, empa e ka kgona o nwe.

Jeremia 49