Jeremia 49:27-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Ke tla besa mollo marakong a Damaseka, ke tle ke fedise diqhobosheane tsa Ben-Hadade.

28. Bakeng sa Kedare, le bakeng sa mebuso ya Hatsore, eo Nebukadresare, morena wa Babilona, a kileng a e hlola, ho itswe ke Jehova: Tlohang, le nyolohele Kedare, le senye bana ba Botjhabela.

29. Ho ke ho hapjwe ditente tsa bona, le dinku tsa bona, ho ke ho uwe le dikobo tsa bona, le mesebetsi yohle ya bona, le dikamele tsa bona, ho howeletswe, ho thwe: Ho tshabeha ka nqa tsohle.

30. Balehang, le mathe haholo, le ahe sephiring, lona baahi ba Hatsore, ho bolela Jehova; hobane Nebukadresare, morena wa Babilona, o le reretse morero, o le hopoletse taba.

31. Tlohang, le nyolohele ho setjhaba se iketlileng, se ahileng ka tshepo, ho bolela Jehova; ha ho menyako leha e le mekwallo ho sona, se ahile se nnotshi.

32. Dikamele tsa bona di tla hapuwa, mehlape e mengata ya bona e tlatlapuwe; mme ke tla ba hasanyetsa meyeng yohle, bona ba beolang hlafunelo, ke ba hlahisetse dikotsi ka nqa tsohle, ho bolela Jehova.

Jeremia 49