Jeremia 49:23-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Bakeng sa Damaseka: Hamathe o hlabisitswe dihlong le Arpade; kahobane ba utlwile taba e mpe, ba fokola; tsietsi e teng lewatleng, mme le sitwa ho kgutsa.

24. Damaseka o fokotse, o itokisetsa ho baleha, mme ho thothomela ho hoholo; tsietsi le mahloko a mo tshwere jwaloka hoja ke ya belehang.

25. Ho entswe jwang ha motse wa bokgabane, motse wa kgahliso ya ka, o sa ka wa tlohelwa?

26. Ka baka leo, bahlankana ba teng ba tla wa diterateng, bahlabani kaofela ba fediswe ka tsatsi leo, ho bolela Jehova wa makgotla.

27. Ke tla besa mollo marakong a Damaseka, ke tle ke fedise diqhobosheane tsa Ben-Hadade.

28. Bakeng sa Kedare, le bakeng sa mebuso ya Hatsore, eo Nebukadresare, morena wa Babilona, a kileng a e hlola, ho itswe ke Jehova: Tlohang, le nyolohele Kedare, le senye bana ba Botjhabela.

29. Ho ke ho hapjwe ditente tsa bona, le dinku tsa bona, ho ke ho uwe le dikobo tsa bona, le mesebetsi yohle ya bona, le dikamele tsa bona, ho howeletswe, ho thwe: Ho tshabeha ka nqa tsohle.

30. Balehang, le mathe haholo, le ahe sephiring, lona baahi ba Hatsore, ho bolela Jehova; hobane Nebukadresare, morena wa Babilona, o le reretse morero, o le hopoletse taba.

31. Tlohang, le nyolohele ho setjhaba se iketlileng, se ahileng ka tshepo, ho bolela Jehova; ha ho menyako leha e le mekwallo ho sona, se ahile se nnotshi.

32. Dikamele tsa bona di tla hapuwa, mehlape e mengata ya bona e tlatlapuwe; mme ke tla ba hasanyetsa meyeng yohle, bona ba beolang hlafunelo, ke ba hlahisetse dikotsi ka nqa tsohle, ho bolela Jehova.

33. Mme Hatsore e tla nne e be letsaba la diphokojwe, le lefeella ka ho sa feleng; ho ke ke ha aha motho teng, leha e le ngwana motho ho ikahela teng.

34. Lentswe la Jehova le kileng la tla ho moporofeta Jeremia, bakeng sa Elame, tshimolohong ya puso ya Tsedekia, morena wa Juda, la re:

Jeremia 49