1. Bakeng sa bana ba Ammone, ho itswe ke Jehova: Na Iseraele ha a na bana, na ha a na mojalefa na? Malkome o jelang lefa la Gade, setjhaba sa hae se ahile jwang metseng ya hae?
2. Ka baka leo, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ke tla hlaba mokgosi wa ntwa ka wona hodima Rabba wa bana ba Ammone, mme o tla etswa qubu ya dithako, metse ya bona e tjheswe ka mollo; mme Iseraele o tla rua lefa la ba neng ba mo ruile, ho bolela Jehova.
3. Bokolla, Heshbone, hobane Ai o sentswe; howeletsang, baradi ba Rabba, le apare lesela le mahwashe; llang, le sepele marakong a masimo a merara, hobane Malkome o tla iswa kgolehong hammoho le baprista le matona a hae.
4. O ithorisetsang ka dikgohlo, ka kgohlo e kollang metsi, moradi ya satallang, ya itshepetseng matlotlo a hao, o reng: Ke mang ya ka mphutuhelang na?
5. Bonang, ke ya tlisa mokgosi ho wena, ho bolela Morena, Jehova wa makgotla, ka mathokong wohle a hao, mme le tla qhalana e mong le e mong ka nqa hae, ho se ya bokellang maphanyaphanya.
6. Empa hamorao, ke tla kgutlisa ba kgolehong ba bana ba Ammone, ho bolela Jehova.