7. Hobane, erekaha o itshepetse diketso tsa hao le matlotlo a hao, le wena o tla hapuwa, Kemoshe a iswe kgolehong, hammoho le baprista ba hae le ba baholo.
8. Mosenyi o tla kena motseng o mong le o mong, ha ho motse o tla pholoha; kgohlo e tla senngwa, lehwatata le ripitlwe, hobane ho boletse Jehova.
9. Neang Moabe mapheo, hore a fofe, a tlohe, hobane metse ya hae e tla fediswa, ho be ho hlokwe le moahi ho yona.
10. Ho rohakwe ya tla etsa mosebetsi wa Jehova ka botswa; ho rohakwe ya tlosang lerumo la hae mading.
11. Moabe o nnile a iketla esale le botjheng ba hae, a nna a itulela ditshifeng tsa hae, ha a ka a tshollelwa pitseng e nngwe ka pitseng e nngwe, ha a ka a ya kgolehong; ka baka leo, ho nkga ha hae ho nnile ha eba teng ho yena, monko wa hae ha o a ka wa fetoha.
12. Ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, matsatsi a tla ao ke tla roma batsholli ka wona, ba tla mo tsholla, ba tsholle dipitsa tsa hae, ba bolaye makuka a hae.
13. Moabe o tla hlabiswa dihlong ka Kemoshe, jwalokaha ntlo ya Iseraele e kile ya hlabiswa dihlong ka Bethele tshepo ya bona.
14. Le ka bolela jwang, la re: Re dinatla, re bahale ntweng?
15. Moabe o senyehile, metse ya hae e nyoloha e le mosi, ba batjha ba kgethilweng ba hae ba theohela polaong, ho bolela Morena eo lebitso la hae e leng Jehova wa makgotla.
16. Tsietsi ya Moabe e se e ya tla kapele, kotsi ya hae e a akofa le ho akofa.
17. Lona ba mabapa le yena kaofela, mo utlweleng bohloko, le lona bohle ba tsebang lebitso la hae, le re: E robilwe jwang thupa e thata, lere la bokgabane?
18. Theoha bokgabaneng, moahi, moradi wa Dibone, o itulele thoteng e omeletseng, hobane mosenyi wa Moabe o o futuhetse, o sentse diqhobosheane tsa hao.
19. Ema tseleng, o lebele, moahi wa Aroere; botsa ya balehang le ya phonyohang, o re: Ho hlahileng?
20. Moabe o hlabisitswe dihlong, hobane o dihilwe; llang, le bokolle, le tsebise Arnone hoba Moabe o sentswe.
21. Kahlolo e setse e tlile naheng ya lehwatata, e tlile le Holone, le Jahatse, le Mefaathe,
22. le Dibone, le Nebo, le Bethe-Diblathaime,
23. le Kiryathaime, le Bethe-Gamule, le Bethe-Meone,
24. le Keriothe, le Botsra, le metseng yohle ya lefatshe la Moabe, e leng haufi, le e leng hole.
25. Lenaka la Moabe le sehilwe, le letsoho la hae le robilwe, ho bolela Jehova.
26. Mo tahiseng, hobane o ikgantsheditse Jehova; Moabe a ke a phethohe mahlatseng a hae, le yena a tle a etswe sesomo.
27. Na ha o a ka wa etsa Iseraele sesomo sa hao na? Na o ne a tshwerwe boshodung, haele mona o ne o sisinya hlooho ka yena, ha o bolela tsa hae na?