Jeremia 48:37-44 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

37. Hobane dihlooho tsohle di kutilwe, ditedu tsohle di beotswe; bohle ba phatsitswe matsoho, lesela le mahwashe le mathekeng a bona.

38. Matlung wohle a Moabe le diterateng tsohle tsa hae ho a bokollwa; hobane ke pshatlile Moabe, jwaloka hoja ke lefiso le se nang theko, ho bolela Jehova.

39. O robakilwe jwang! Bokollang! Moabe o nea keng seholoholo, a ntse a le dihlong? Moabe e tla ba sesomo le thothometso ho ba bapileng le yena kaofela.

40. Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, o fofa jwaloka ntsu, o sarolla mapheo a hae ka nqa Moabe.

41. Keriothe o hapilwe, diqhobosheane di kenwe, mme tsatsing leo, pelo tsa bahale ba Moabe di tla ba jwaloka pelo ya mosadi ya belehang.

42. Moabe o tla fediswa, e se hlole e eba setjhaba, hobane o ikgantsheditse Jehova.

43. Mokgosi wa ntwa o o lebeletse, moahi wa Moabe, le mokoti le leraba, ho bolela Jehova.

44. Ya balehelang mokgosi o tla wela mokoting; ya nyolohang mokoting o tla tshwaswa lerabeng; hobane ke se ke ya tlisa hodima hae, hodima Moabe, selemo sa kotlo ya bona, ho bolela Jehova.

Jeremia 48