31. Ka baka leo, ke fehelwa bakeng sa Moabe, ke fehelwa bakeng sa Moabe kaofela; bakeng sa batho ba Kire-Hereshe ho a fehelwa.
32. Ke o llela ho fetisa Jaesere, wena tshimo ya morara wa Sibma, wena eo makala a merara ya hao a neng a tshela mawatle ho ya fihla lewatleng la Jaesere. Mosenyi o wela ditholwaneng tsa hao le kotulong ya hao ya merara.
33. Thabo e tlositswe le nyakallo naheng ya nala le lefatsheng la Moabe. Ke fedisitse veine dihatelong, ha ba sa hata ka pina; ke mokgosi, ha e sa le pina.
34. Pokollo ya Heshbone e utlwahala ho isa Eleale; e utlwahala le ho fihla Jahatse, ho tloha Tsoware, ho isa Horonaime le Eglathe-Shelishija; hobane le wona metsi a Nimrime a sentswe.
35. Ke tla etsa hore Moabe a hloke ya nyolohelang nqalong e phahameng le ya tjhesetsang Modimo wa hae dibano, ho bolela Jehova.
36. Ka baka leo, pelo ya ka e lla jwaloka phala bakeng sa Moabe; pelo ya ka e lla jwaloka phala bakeng sa batho ba Kire-Hereshe, kahobane ho neng ho bokeletswe ho timetse.
37. Hobane dihlooho tsohle di kutilwe, ditedu tsohle di beotswe; bohle ba phatsitswe matsoho, lesela le mahwashe le mathekeng a bona.
38. Matlung wohle a Moabe le diterateng tsohle tsa hae ho a bokollwa; hobane ke pshatlile Moabe, jwaloka hoja ke lefiso le se nang theko, ho bolela Jehova.
39. O robakilwe jwang! Bokollang! Moabe o nea keng seholoholo, a ntse a le dihlong? Moabe e tla ba sesomo le thothometso ho ba bapileng le yena kaofela.
40. Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, o fofa jwaloka ntsu, o sarolla mapheo a hae ka nqa Moabe.
41. Keriothe o hapilwe, diqhobosheane di kenwe, mme tsatsing leo, pelo tsa bahale ba Moabe di tla ba jwaloka pelo ya mosadi ya belehang.
42. Moabe o tla fediswa, e se hlole e eba setjhaba, hobane o ikgantsheditse Jehova.
43. Mokgosi wa ntwa o o lebeletse, moahi wa Moabe, le mokoti le leraba, ho bolela Jehova.
44. Ya balehelang mokgosi o tla wela mokoting; ya nyolohang mokoting o tla tshwaswa lerabeng; hobane ke se ke ya tlisa hodima hae, hodima Moabe, selemo sa kotlo ya bona, ho bolela Jehova.
45. Babalehi ba eme moriting wa Heshbone ba kgathetse, empa mollo o tswile Heshbone, kgabo e tswile hara Sihone, mme e ja mahlakore a Moabe le dihlooho tsa hae ka moferefere.
46. Ho madimabe wena, Moabe! Setjhaba sa Kemoshe se fedile, hobane ho tshwarwa bara ba hao ho ba isa kgolehong, le baradi ba hao ba iswa kgolehong.
47. Leha ho le jwalo, ke tla kgutlisa ba kgolehong ba Moabe mehleng ya morao, ho bolela Jehova.Ho fihlela moo, ke kahlolo ya Moabe.