31. Ka baka leo, ke fehelwa bakeng sa Moabe, ke fehelwa bakeng sa Moabe kaofela; bakeng sa batho ba Kire-Hereshe ho a fehelwa.
32. Ke o llela ho fetisa Jaesere, wena tshimo ya morara wa Sibma, wena eo makala a merara ya hao a neng a tshela mawatle ho ya fihla lewatleng la Jaesere. Mosenyi o wela ditholwaneng tsa hao le kotulong ya hao ya merara.
33. Thabo e tlositswe le nyakallo naheng ya nala le lefatsheng la Moabe. Ke fedisitse veine dihatelong, ha ba sa hata ka pina; ke mokgosi, ha e sa le pina.
34. Pokollo ya Heshbone e utlwahala ho isa Eleale; e utlwahala le ho fihla Jahatse, ho tloha Tsoware, ho isa Horonaime le Eglathe-Shelishija; hobane le wona metsi a Nimrime a sentswe.
35. Ke tla etsa hore Moabe a hloke ya nyolohelang nqalong e phahameng le ya tjhesetsang Modimo wa hae dibano, ho bolela Jehova.
36. Ka baka leo, pelo ya ka e lla jwaloka phala bakeng sa Moabe; pelo ya ka e lla jwaloka phala bakeng sa batho ba Kire-Hereshe, kahobane ho neng ho bokeletswe ho timetse.
37. Hobane dihlooho tsohle di kutilwe, ditedu tsohle di beotswe; bohle ba phatsitswe matsoho, lesela le mahwashe le mathekeng a bona.
38. Matlung wohle a Moabe le diterateng tsohle tsa hae ho a bokollwa; hobane ke pshatlile Moabe, jwaloka hoja ke lefiso le se nang theko, ho bolela Jehova.
39. O robakilwe jwang! Bokollang! Moabe o nea keng seholoholo, a ntse a le dihlong? Moabe e tla ba sesomo le thothometso ho ba bapileng le yena kaofela.
40. Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, o fofa jwaloka ntsu, o sarolla mapheo a hae ka nqa Moabe.
41. Keriothe o hapilwe, diqhobosheane di kenwe, mme tsatsing leo, pelo tsa bahale ba Moabe di tla ba jwaloka pelo ya mosadi ya belehang.