13. Moabe o tla hlabiswa dihlong ka Kemoshe, jwalokaha ntlo ya Iseraele e kile ya hlabiswa dihlong ka Bethele tshepo ya bona.
14. Le ka bolela jwang, la re: Re dinatla, re bahale ntweng?
15. Moabe o senyehile, metse ya hae e nyoloha e le mosi, ba batjha ba kgethilweng ba hae ba theohela polaong, ho bolela Morena eo lebitso la hae e leng Jehova wa makgotla.
16. Tsietsi ya Moabe e se e ya tla kapele, kotsi ya hae e a akofa le ho akofa.
17. Lona ba mabapa le yena kaofela, mo utlweleng bohloko, le lona bohle ba tsebang lebitso la hae, le re: E robilwe jwang thupa e thata, lere la bokgabane?
18. Theoha bokgabaneng, moahi, moradi wa Dibone, o itulele thoteng e omeletseng, hobane mosenyi wa Moabe o o futuhetse, o sentse diqhobosheane tsa hao.
19. Ema tseleng, o lebele, moahi wa Aroere; botsa ya balehang le ya phonyohang, o re: Ho hlahileng?
20. Moabe o hlabisitswe dihlong, hobane o dihilwe; llang, le bokolle, le tsebise Arnone hoba Moabe o sentswe.
21. Kahlolo e setse e tlile naheng ya lehwatata, e tlile le Holone, le Jahatse, le Mefaathe,
22. le Dibone, le Nebo, le Bethe-Diblathaime,
23. le Kiryathaime, le Bethe-Gamule, le Bethe-Meone,
24. le Keriothe, le Botsra, le metseng yohle ya lefatshe la Moabe, e leng haufi, le e leng hole.