3. ka baka la modumo wa ho hata ha ditlhako tsa dipere tsa hae tse matla, le la ho matha ha makoloi a hae le ho dumaduma ha maoto a wona. Bontata bana ha ba tadime bana, hobane ho fokotse matsoho;
4. ka baka la tsatsi le tlang la ho fedisa Bafilesta kaofela, la ho kgaoletsa Tire le Sidone bohle ba siilweng ho ba tlatsa. Hobane Jehova o tla fedisa Bafilesta, e leng masala a sehlekehleke sa Kaftore.
5. Bofatla bo ya ba teng ho Gasa; Ashkelone o tla senngwa hammoho le ho setseng ha lehwatata la bona. O tla iphatsa ho le hokae?
6. Jo! Sabole ya Jehova, o tla phomola neneng? Kgutlela selateng sa hao, o kgutse, o eme!
7. O ne o tla phomola jwang, ha Jehova a o laeditse bakeng sa Ashkelone le bakeng sa lebopo la lewatle? Ke moo a e lebisetsang teng.