Jeremia 46:7-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ke mang eo ya nyolohang a le jwaloka noka ya Nile, jwalokaha noka e ntse e tsokotsa metsi a yona?

8. Ke Egepeta ya nyolohang a le jwaloka noka ya Nile; ho jwalokaha noka e ntse e tsokotsa metsi a yona; o re: Ke tla nyoloha, ke aparele lefatshe, ke senye motse le baahi ba wona.

9. Palamang dipere; makoloi, mathang ka ho kgema; bahale ba ke ba nehele, e leng Baethiopia le Baputhe ba tshwereng thebe, le Balude ba tshwereng seqha, ba fula ka sona.

10. Tsatsi leo ho Morena, Jehova wa makgotla, ke tsatsi la tefetso, ho itefeletsa ho bao e leng dira ho yena. Lerumo le ya nne le je, le kgore, le tahwe ke madi a bona; hobane ke sehlabelo sa Morena, Jehova wa makgotla, lefatsheng la Leboya, nokeng ya Eufrate.

11. O ka ya Gileade ho inkela sehlare teng, morwetsana, moradi wa Egepeta; leha o ka nka dihlare tse ngata, ke ka lefeela; ha ho phodiso bakeng sa hao.

12. Ditjhaba di utlwa tsa dihlong tsa hao, lefatshe le dumaella pokollo ya hao, hobane mohale o otlanya mohale e mong, ba wela hammoho ba babedi.

13. Lentswe leo Jehova a kileng a le bolella moporofeta Jeremia, bakeng sa Nebukadresare, morena wa Babilona, mohla a neng a tle, a re, o tla otla lefatshe la Egepeta, ke lena:

14. Tsebisang Egepeta, le bolelle Migdole; le bolelle Nofe le Takpanese, le re: Ema, o itokise, hobane lerumo le se le eja ka mathokong a hao.

15. Dinatla tsa hao di rapaletse keng? Ha ho ya emeng, hobane Jehova o ba dihela fatshe.

16. Ho eketseha ba wang, e mong a wele hodima molekana hae, ba re: Tsoha, re boeleng ho setjhaba sa heso, le lefatsheng la ho tswalwa ha rona, re balehele lerumo le bohale.

17. Teng, ba howeletsa, ba re: Faro, morena wa Egepeta, ke lefeela; nako ya hae ya ho sebetsa e fetile.

18. Ke a phela, ho bolela Morena eo Jehova wa makgotla e leng lebitso la hae, hore, jwalokaha Thabore a le hara dithaba, le jwalokaha Karmele a le pela lewatle, o ya tla.

19. O iketsetse dithoto tsa ho ya kgolehong, moahi, moradi wa Egepeta, hobane Nofe o tla etswa lefeella, a fetohe dithako, a be a hloke moahi.

20. Egepeta ke sethole se setlesetle. Monwang o tswa nqa leboya, o a tla.

21. Le wona masole a hae a hirilweng a jwaloka marole a nontshitsweng, hobane le wona a reteleha, a baleha hammoho, ha a eme, tsatsi la wona la bofelo le a a tlela, tsatsi la kgalemelo ya wona.

22. Mohwasa wa hae o jwaloka wa noha e balehang; ba ntse ba tsamaya ka makgotla, ba tla ho yena ka dilepe, jwaloka hoja ke baremi ba difate.

23. Ba tla rema moru wa hae, ho bolela Jehova, leha o teteane; hobane ba bangata ho fetisa ditsie, palo ya bona ha e balwe.

Jeremia 46