17. Teng, ba howeletsa, ba re: Faro, morena wa Egepeta, ke lefeela; nako ya hae ya ho sebetsa e fetile.
18. Ke a phela, ho bolela Morena eo Jehova wa makgotla e leng lebitso la hae, hore, jwalokaha Thabore a le hara dithaba, le jwalokaha Karmele a le pela lewatle, o ya tla.
19. O iketsetse dithoto tsa ho ya kgolehong, moahi, moradi wa Egepeta, hobane Nofe o tla etswa lefeella, a fetohe dithako, a be a hloke moahi.
20. Egepeta ke sethole se setlesetle. Monwang o tswa nqa leboya, o a tla.
21. Le wona masole a hae a hirilweng a jwaloka marole a nontshitsweng, hobane le wona a reteleha, a baleha hammoho, ha a eme, tsatsi la wona la bofelo le a a tlela, tsatsi la kgalemelo ya wona.
22. Mohwasa wa hae o jwaloka wa noha e balehang; ba ntse ba tsamaya ka makgotla, ba tla ho yena ka dilepe, jwaloka hoja ke baremi ba difate.
23. Ba tla rema moru wa hae, ho bolela Jehova, leha o teteane; hobane ba bangata ho fetisa ditsie, palo ya bona ha e balwe.
24. Moradi wa Egepeta o hlabiswa dihlong, o neelwa matleng a setjhaba sa Leboya.
25. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya otla Amone wa No, le Faro, le Egepeta, le medimo ya bona, le marena a bona, le Faro, le bohle ba mo tshepileng.
26. Ke tla ba neela matleng a ba batlang bophelo ba bona, le matleng a Nebukadresare, morena wa Babilona, le matleng a bahlanka ba hae; empa hamorao, Egepeta o tla boela a ahuwe jwaloka mehleng ya kgale, ho bolela Jehova.