Jeremia 44:6-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Bohale ba ka le kgalefo ya ka ya ba ya tsholoha, ya tuka metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, tse fetohileng lesupi le lefeella, jwalokaha ho bonahala kajeno.

7. Mme jwale, ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le etseditseng meya ya lona hampe hakakalo, hore ho be ho kgaolwe ka baka la lona monna le mosadi, ngwana le lesea mahareng a Juda, hore ho se ke ha sala masala a lona?

8. Le mphepheleditseng ka diketso tsa matsoho a lona, ka ho tjhesetsa medimo esele dibano lefatsheng la Egepeta, moo le tlileng ho aha teng; hore ho nne ho ikgaole lona, mme le nne le be thohako le nyediso hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe?

9. Na le se le lebetse diketso tse mpe tsa bontata lona, le diketso tse mpe tsa marena a Juda, le diketso tse mpe tsa basadi ba wona, le diketso tse mpe tsa lona, le diketso tse mpe tsa basadi ba lona, tseo ba ileng ba di etsa naheng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema na?

10. Le ho fihlela tsatsi lena, ha ho eso ho be ya ikokobetsang, leha e le ya tshabang; ha ba tsamaye molaong wa ka le ditaelong tsa ka, tseo ke di beileng pela lona le pela bontata lona!

11. Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke retelletsa sefahleho sa ka ho lona, ho senya le ho kgaola Juda kaofela.

12. Ke tla tshwara ba setseng ba Juda ba pheheletseng ho kena lefatsheng la Egepeta ho tla aha teng, ba timele kaofela; ba tla wa lefatsheng la Egepeta, ba timele ke lerumo le tlala, ho qala ka e monyenyane ho isa ho e moholo, ba shwe ke lerumo le tlala, ba etswe thohako, le sebabatso le manyala, le hlapa.

13. Ke tla otla ba ahileng lefatsheng la Egepeta, jwalokaha nkile ka otla Jerusalema ka lerumo, ka tlala, le ka lefu la sewa.

14. Ha ho ka ke ha eba ya phonyohang le ya salang ho ba sa setseng ba Juda, ba keneng lefatsheng la Egepeta ho tla aha teng, ba hopotseng ho boela lefatsheng la Juda, moo dipelo tsa bona di hlolohetsweng ho boela ba ikgahele teng; hobane ha ba sa tla kgutlela teng, haese ba bang ba phonyohang.

15. Yaba banna kaofela ba neng ba tseba hobane basadi ba bona ba tjhesetsa medimo esele dibano, le basadi kaofela ba neng ba eme teng, ba phuthehile ba le bangatangata, le setjhaba kaofela se ahileng lefatsheng la Egepeta, Pathrose, ba fetola Jeremia, ba re:

16. Haele lentswe leo o re bolellang lona ka lebitso la Jehova, re ke ke ra o utlwa.

17. Empa re tla nne re etse taba tsohle tse tswileng melomong ya rona, re tjhesetse mofumahadi wa lehodimo dibano le ho mo tshollela dino, jwalokaha re ne re ntse re etsa, rona le bontata rona, le marena a rona, le baholo ba rona, metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ha re ne re ntse re kgora bohobe, ho ntse ho iketlilwe, re sa bone tsietsi.

18. Empa haesale re lesitse ho tjhesetsa mofumahadi wa lehodimo dibano, le ho mo tshollela dino, re ntse re haellwa ke dintho tsohle, mme re shwa ke lerumo le tlala.

19. Le rona, ha re tjhesetsa mofumahadi wa lehodimo dibano, re mo tshollela dino, na re mo etsetsa dinkgwana ho mo sebeletsa le ho mo tshollela dino, banna ba rona ba sa tsebe na?

20. Yaba Jeremia o fetola setjhaba kaofela, banna le basadi, le setjhaba kaofela, ba neng ba mo fetotse ka taba tseo, a re:

Jeremia 44