Jeremia 44:23-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Ke kahobane le ne le ntse le tjhesa dibano, le hobane le ne le ntse le sitelwa Jehova, le ne le sa utlwe lentswe la Jehova, le ne le sa tsamaye ka molao wa hae, le ka dikahlolo tsa hae, le ka dikeletso tsa hae; ke ka baka leo bobe boo bo le hlahetseng, kamoo ho ntseng ho le kateng le kajeno.

24. Jeremia a boela a bolella setjhaba kaofela le basadi bohle, a re: Mamelang lentswe la Jehova, lona Bajuda kaofela ba lefatsheng la Egepeta.

25. Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Lona le basadi ba lona, le boletse ka melomo ya lona, le bile le entse ka matsoho a lona seo le se boletseng, la re: Re tla nne re boloke dikano tsa rona tseo re di anneng, tsa ho tjhesetsa mofumahadi wa lehodimo dibano le ho mo tshollela dino. Jwale, ha le tiisitse dikano tsa lona, mme le bolokile dikano tsa lona,

26. mamelang lentswe la Jehova jwale, lona Bajuda kaofela ba ahileng lefatsheng la Egepeta: Bonang, ke ana ka lebitso la ka le leholo, ho bolela Jehova, hore lebitso la ka ha le sa tla hlola re rapelwa lefatsheng lohle la Egepeta ke motho wa Juda leha a le mong ya ka reng: Ka morena Jehova ya phelang!

Jeremia 44