Jeremia 44:14-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Ha ho ka ke ha eba ya phonyohang le ya salang ho ba sa setseng ba Juda, ba keneng lefatsheng la Egepeta ho tla aha teng, ba hopotseng ho boela lefatsheng la Juda, moo dipelo tsa bona di hlolohetsweng ho boela ba ikgahele teng; hobane ha ba sa tla kgutlela teng, haese ba bang ba phonyohang.

15. Yaba banna kaofela ba neng ba tseba hobane basadi ba bona ba tjhesetsa medimo esele dibano, le basadi kaofela ba neng ba eme teng, ba phuthehile ba le bangatangata, le setjhaba kaofela se ahileng lefatsheng la Egepeta, Pathrose, ba fetola Jeremia, ba re:

16. Haele lentswe leo o re bolellang lona ka lebitso la Jehova, re ke ke ra o utlwa.

17. Empa re tla nne re etse taba tsohle tse tswileng melomong ya rona, re tjhesetse mofumahadi wa lehodimo dibano le ho mo tshollela dino, jwalokaha re ne re ntse re etsa, rona le bontata rona, le marena a rona, le baholo ba rona, metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ha re ne re ntse re kgora bohobe, ho ntse ho iketlilwe, re sa bone tsietsi.

18. Empa haesale re lesitse ho tjhesetsa mofumahadi wa lehodimo dibano, le ho mo tshollela dino, re ntse re haellwa ke dintho tsohle, mme re shwa ke lerumo le tlala.

19. Le rona, ha re tjhesetsa mofumahadi wa lehodimo dibano, re mo tshollela dino, na re mo etsetsa dinkgwana ho mo sebeletsa le ho mo tshollela dino, banna ba rona ba sa tsebe na?

20. Yaba Jeremia o fetola setjhaba kaofela, banna le basadi, le setjhaba kaofela, ba neng ba mo fetotse ka taba tseo, a re:

21. Ana dibano tsa lona tseo le neng le ntse le di tjhesa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, e le lona le bontata lona, le marena a lona le baholo ba lona, le setjhaba sa lefatshe, na Jehova ha a ka a di hopola na? Na ha a ka a elellwa pelong ya hae na?

22. Jehova o sitilwe hore a nne a iphapanye le bolotsana ba diketso tsa lona le manyala ao le neng le a etsa; ke moo lefatshe la lona le entsweng tshenyeho, le sebabatso, le thohako, lefatshe le se nang moahi, kamoo ho ntseng ho le kateng tsatsing lena.

23. Ke kahobane le ne le ntse le tjhesa dibano, le hobane le ne le ntse le sitelwa Jehova, le ne le sa utlwe lentswe la Jehova, le ne le sa tsamaye ka molao wa hae, le ka dikahlolo tsa hae, le ka dikeletso tsa hae; ke ka baka leo bobe boo bo le hlahetseng, kamoo ho ntseng ho le kateng le kajeno.

Jeremia 44