Jeremia 42:12-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ke tla hlahisa kgauhelo pelong ya hae bakeng sa lona, a tle a le busetse naheng ya lona.

13. Empa ha le ka re: Tjhe, re ke ke ra hlola re aha lefatsheng lena, e le ho re, le ke ke la utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa lona;

14. mme la re: Tjhe, re mpa re tla ya lefatsheng la Egepeta, moo re ke keng ra bona ntwa, moo re ke keng ra utlwa modumo wa terompeta, moo re ke keng ra utlwa tlala, re nne re ahe teng;

15. ha le ka fela la etsa jwalo, mamelang lentswe la Jehova, lona masala a Juda. Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ha le ka phehella ho ya Egepeta, la ya jaka teng;

16. lerumo leo le le balehelang le tla le fihlela teng lefatsheng la Egepeta, le tlala eo le e balehelang e tla le kgomarela Egepeta, le shwele teng.

17. Batho kaofela ba ka phehellang ho ya Egepeta le ho aha teng, ba tla shwa ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa; ha ho ka ke ha eba ya tlolang wa bona, leha e le ya phonyohang pela bobe boo ke tla ba hlahisetsa jona.

18. Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Jwalokaha nkile ka tshollela bohale ba ka le kgalefo ya ka hodima baahi ba Jerusalema, ke tla tshollela kgalefo ya ka hodima lona, ha le ka ya Egepeta; le tla etswa nyefolo, le makatso, le thohako, le nyediso, mme le ke ke la boela la bona nqalo ena.

19. Jehova o hlile o le boleletse, lona masala a Juda, o itse: Se yeng Egepeta, le nne le itsebele hobane kajeno ke fela ke le hanela ho ya teng.

20. Hobane le ithetsa meyeng ya lona, athe le nthomile ho Jehova, Modimo wa lona, ka ho re: Aku re rapelle ho Jehova, Modimo wa rona; tsohle tseo Jehova, Modimo wa rona, a tla di bolela, o ke o re tsebise tsona, re di etse.

21. Mme ke fela ke le tsebisitse tsona kajeno; empa ha le utlwe lentswe la Jehova, Modimo wa lona, le tsohle tseo a nthomileng tsona ho lona.

22. Jwale he, le ke le itsebele hobane le tla shwa ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa, nqalong eo le ithatetseng ho ya aha teng.

Jeremia 42