1. Yaba balaodi kaofela ba makgotla, ba ena le Johanane, mora Karea, le Jesania, mora Hosea, le setjhaba kaofela, ba banyenyane le ba baholo, ba atamela,
2. ba re ho moporofeta Jeremia: Amohela thapelo ya rona, o re rapelle ho Jehova, Modimo wa hao, bakeng sa masala ana kaofela, hobane leha re ne re le bangata, re setse re se re se bakae, kamoo mahlo a hao a re bonang kateng,
3. hore Jehova, Modimo wa hao, a tle a re supise tsela eo re tshwanetseng ho tsamaya ka yona le seo re tshwanetseng ho se etsa.
4. Yaba moporofeta Jeremia o ba bolella, a re: Ke a utlwa; bonang, ke tla le rapella ho Jehova, Modimo wa lona, ka mantswe a lona, mme ke tla le tsebisa lentswe le leng le le leng leo Jehova a tla le araba ka lona; nke ke ka le lobela letho.
5. Ba araba Jeremia, ba re: Jehova e ke e be yena paki ya nnete, e tshepehang ya rona, ha re sa etse ka lentswe le leng le le leng leo a tla o roma ho rona ka lona, hore re le etse.
6. Leha ekaba ke ho hotle, kapa ke ho hobe, re tla utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa rona, eo re o romelang ho yena, hore re tle re hlohonolofale, ha re ka utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa rona.
7. Eitse hobane ho fete ditshiu tse leshome, lentswe la Jehova la tla ho Jeremia.
8. Yaba o bitsa Johanane, mora Karea, le balaodi kaofela ba makgotla ba neng ba le ho yena, le setjhaba kaofela, ba banyenyane le baholo;
9. a re ho bona: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele, eo le nthomileng ho yena hore ke tle ke bee thapelo ya lona pela hae:
10. Ha le ka boela la aha lefatsheng lena, ke tla le ahisa, mme nke ke ka le timetsa; ke tla le hloma, mme nke ke ka le epolla, hobane ke kgutlile bobeng boo ke le etseditseng bona.
11. Le se ke la tshaba morena wa Babilona, eo le ntseng le mo tshaba; le se ke la mo tshaba, ho bolela Jehova, hobane ke na le lona ho le pholosa le ho le namolela matleng a hae.
12. Ke tla hlahisa kgauhelo pelong ya hae bakeng sa lona, a tle a le busetse naheng ya lona.