Jeremia 41:15-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Empa Ishmaele, mora Nethania, a phonyoha ho Johanane, a ena le batho ba robileng meno e le mmedi, mme a ya ho bana ba Ammone.

16. Yaba Johanane, mora Karea, le balaodi ba makgotla kaofela ba neng ba le ho yena, ba nka masala wohle a setjhaba ao Ishmaele, mora Nethania, a neng a a tlositse Mitspe, hobane a bolaye Gedalia, mora Akikame, e leng banna ba dinatla tsa ntwa, le basadi le bana, le maqhalaha, ba ba kgutlisa Gibeone;

17. mme ba tsamaya, ba ya dula tlung ya phapohelo ya Kimhame, maloka le Bethlehema, ba tle ba ntoo ya Egepeta, ka baka la ho tshaba Bakalde,

18. hobane ba ne ba ba tshaba, hobane Ishmaele, mora Nethania, o ne a bolaile Gedalia, mora Akikame, eo morena wa Babilona a neng a mmeile ho disa naha.

Jeremia 41