Jeremia 40:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Lentswe le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, hobane Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a mo kgutlisa Rama, kamoo a neng a ile le yena kateng, a mo tlamile ka mahlaahlela, a le hara ba tshwerweng kaofela ba Jerusalema le ba Juda ba iswang kgolehong Babilona.

2. Molaodi wa balebedi a nka Jeremia, a mmolella, a re: Jehova, Modimo wa hao, o ne o boletse bobe boo hodima nqalo eno.

3. Mme Jehova o bo hlahisitse, o entse kamoo a neng a boletse kateng, kahobane le sitetswe Jehova, mme ha le a ka la mamela lentswe la hae; ke moo le hlahetsweng ke taba tseo.

4. Haele wena, bona, kajeno ke lokolla mahlaahlela a matsohong a hao; leha o ka rata ho tla le nna Babilona, o ka tla, ke tla nne ke o ele sedi; empa ha ekaba o sa rate ho tla le nna Babilona, o ka lesa. Tadima, naha kaofela e pela hao, moo ho ka bang molemo, ho leng hotle ho wena ho ya teng, o ka ya.

Jeremia 40