Jeremia 4:20-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Tshenyo e ye e bitse tshenyo e nngwe, hobane ho tla senngwa lefatshe lohle, ditente tsa ka di ya senngwa hang le yona metlotlwane ya ka.

21. Ke tla bona folaga ho isa hokae, ke utlwe modumo wa terompeta ho isa kae na?

22. Ruri setjhaba sa ka ke sethoto, ha se ntsebe; ke bana ba mawatla ba se nang kelello; ba bohlale ho etsa hampe, empa ha ba tsebe ho etsa hantle.

23. Ke tadima lefatshe, mme bonang le sentswe, le feela; le wona mahodimo, mme a hloka lesedi la wona.

24. Ke tadima dithaba, mme bonang, di a thothomela, marallana kaofela a tlakasela.

25. Ke a tadima, mme bonang, ha ho sa le motho teng, dinonyana kaofela tsa lehodimo di balehile.

26. Ke a tadima, mme bonang, Karmele o fetohile nahathothe, metse yohle ya teng e heleditswe pontsheng ya Jehova ke bohale bo tjhesang ba hae.

27. Hobane ho itswe ke Jehova: Lefatshe lohle le tla fetolwa lefeella, empa nke ke ka le fedisetsa ruri.

28. Ka baka la ntho tseo, lefatshe le tla lla, mahodimo a hodimo a fifale, hobane ke boletse seo ke se hopotseng, mme ha ke fetohe; nke ke ka sutha teng.

29. Metse kaofela e ya baleha ka baka la lerata la bapalami le la diphosi tsa diqha, ba ya kena merung e metsho, ba hlwelle mafikeng; metse yohle e tla furallwa, ha ho sa tla ba motho ya ahileng ho yona.

30. Mme wena, mosenngwa, o tla etsang na? Leha o ka ikapesa ka sekarelata, wa itlhophisa ka mekgabo ya kgauta, wa itlotsa mahlo ka setlolo, ke lefeela ha o iketsa e motle; dinyatsi tsa hao di hlile di a o nyedisa; di batla bophelo ba hao.

31. Hobane ke ultwa mehoo e kang ya ya belehang, tsietsi e kang ya ya itshihlollang letsibolo; ke mohoo wa moradi wa Sione, o fehelwa a otlolotse matsoho a hae, o re: Jo! jo nna! moya wa ka o imeditswe ke babolai.

Jeremia 4