17. Ba mo teela hare jwalokaha ho etswa ke balebedi ba tshimo, kahobane a nkwenehetse, ho bolela Jehova.
18. Ke mekgwa ya hao le diketso tsa hao tse o hlahiseditseng ntho tseo; ke bolotsana ba hao; ho a baba, ho ntse ho kena ho fihla pelong ya hao.
19. Mala a ka! Mala a ka! Jo nna! Mabote a pelo ya ka! Pelo ya ka e a uba, nke ke ka ikgutsetsa, hobane, moya wa ka, o utlwa modumo wa terompeta le mokgosi wa ntwa.
20. Tshenyo e ye e bitse tshenyo e nngwe, hobane ho tla senngwa lefatshe lohle, ditente tsa ka di ya senngwa hang le yona metlotlwane ya ka.
21. Ke tla bona folaga ho isa hokae, ke utlwe modumo wa terompeta ho isa kae na?
22. Ruri setjhaba sa ka ke sethoto, ha se ntsebe; ke bana ba mawatla ba se nang kelello; ba bohlale ho etsa hampe, empa ha ba tsebe ho etsa hantle.
23. Ke tadima lefatshe, mme bonang le sentswe, le feela; le wona mahodimo, mme a hloka lesedi la wona.
24. Ke tadima dithaba, mme bonang, di a thothomela, marallana kaofela a tlakasela.
25. Ke a tadima, mme bonang, ha ho sa le motho teng, dinonyana kaofela tsa lehodimo di balehile.
26. Ke a tadima, mme bonang, Karmele o fetohile nahathothe, metse yohle ya teng e heleditswe pontsheng ya Jehova ke bohale bo tjhesang ba hae.
27. Hobane ho itswe ke Jehova: Lefatshe lohle le tla fetolwa lefeella, empa nke ke ka le fedisetsa ruri.
28. Ka baka la ntho tseo, lefatshe le tla lla, mahodimo a hodimo a fifale, hobane ke boletse seo ke se hopotseng, mme ha ke fetohe; nke ke ka sutha teng.