12. Mo nke, o mo ele sedi; o se ke wa mo etsa letho le lebe; o mpe o mo etse jwalokaha a ka o bolella.
13. Yaba Nebusaradane, molaodi wa balebedi, ba ena le Nebushasbane, molaodi wa maqhalaha, le Nergale-Sharetsere, motsamaisi wa ba bohlale, le balaodi kaofela ba morena wa Babilona,
14. ba romela ho ntsha Jeremia lebaleng la ntlo ya teronko, ba mmea ho Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, a tle a mo nkele ha hae. Mme Jeremia a nna a sala hara setjhaba.
15. Lentswe la Jehova la tla ho Jeremia, ha a ntse a le lebaleng la ntlo ya teronko, la re:
16. Eya, o bolelle Ebede-Meleke, Moethiopia, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bona, ke ya etsahatsa mantswe a ka bakeng sa motse ona ka bobe, e seng ka molemo, a tla etsahala pontsheng ya hao, tsatsing le itseng.
17. Empa ke tla o namolela tsatsing leo, ho bolela Jehova, o ke se ke wa neelwa matsohong a batho bao o ba tshabang.
18. Hobane ke tla o namolela, o ke ke wa wa ke lerumo, mme bophelo ba hao e tla ba kgapo ya hao, hobane o hlile o itshepetse nna, ho bolela Jehova.