17. Yaba Jeremia o bolella Tsedekia, a re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ha o tswa hona jwale ho ya ineela balaodi ba morena wa Babilona, moya wa hao o tla phela, le motse ona o ke ke wa tjheswa ka mollo; o tla phela, wena le ntlo ya hao.
18. Empa ha o sa tswe ho ya ineela balaodi ba morena wa Babilona, motse ona o tla neelwa matleng a Bakalde, ba o tjhese ka mollo; le wena o ke ke wa phonyoha matsohong a bona.
19. Morena Tsedekia a bolella Jeremia, a re: Ke mpa ke tshabana le Bajuda ba ineetseng Bakalde, esere ka neelwa matsohong a bona, ba bapala ka nna.
20. Jeremia a mo araba, a re: O ke ke wa neelwa matsohong a bona. O mpe o mamele lentswe la Jehova, lona leo ke o bolellang lona, mme ho tla ba molemo ho wena, moya wa hao o phele.
21. Empa ha o ka hana ho tswa, ke lona lentswe leo Jehova a ntshenoletseng lona.
22. Bona, basadi kaofela ba sa setseng ka tlung ya morena wa Juda ba tla iswa ho balaodi ba morena wa Babilona, mme ba tla re: O hlile wa phongwa, wa hlolwa ke ba neng ba o tshepisa kgotso; maoto a hao ha a tetebetse seretseng, bona ba boela kasanthao.
23. Basadi ba hao kaofela le bana ba hao ba tla iswa ho Bakalde, le wena o tla sitwa ho phonyoha matsohong a bona, o mpa o tla tshwarwa ke letsoho la morena wa Babilona, mme motse ona o tla tjheswa ka mollo ka baka la hao.
24. Tsedekia a re ho Jeremia: Ho se ke ha eba motho ya tsebang taba tseo, mme o ke se ke wa shwa.
25. Ekare ha baholo ba utlwa hobane ke buile le wena, mme ba ka tla ho wena, ba re ho wena: Ako re tsebise seo o se boleletseng morena, o se ke wa re patela sona, mme re ke ke ra o bolaya, hape le seo morena a o boleletseng sona, o re bolelle sona;
26. o ba arabe, o re: Tjhe, nkile ka bea thapelo ya ka pela morena, hore ke se ke ka busetswa ka tlung ya Jonathane ho shwela teng.
27. Baholo kaofela ba tla ho Jeremia, mme ba mmotsa; yaba o ba bolella ditaba tseo tsohle, kamoo morena a mo laetseng kateng. Yaba ba ikgutsetsa, ba mo tlohela, hobane taba e ne e sa ka ya utluwa ke motho.
28. Jeremia a nna a dula lebaleng la ntlo ya teronko, ho fihlela tsatsi leo Jerusalema a kenwang ka lona; o ne a ntse a le teng, ha Jerusalema a kenwa.