14. Yaba morena Tsedekia o romela ho lata moporofeta Jeremia, a mmiletsa ho yena monyakong wa boraro wa ntlo ya Jehova. Yaba morena o bolella Jeremia, a re: Ke sa o botsa taba, o se ke wa mpatela letho.
15. Jeremia a bolella Tsedekia, a re: Ha nka o bolella taba, ha ke re, o tla mpolaya na? Leha nka o eletsa, ha ke re, o tla hana ho nkutlwa na?
16. Yaba morena Tsedekia o hlapanyetsa Jeremia ka sephiring, a re: Ka Jehova ya phelang, ya re neileng bophelo, nke ke ka o bolaya, leha e le ho o neela matleng a batho ba batlang bophelo ba hao.
17. Yaba Jeremia o bolella Tsedekia, a re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ha o tswa hona jwale ho ya ineela balaodi ba morena wa Babilona, moya wa hao o tla phela, le motse ona o ke ke wa tjheswa ka mollo; o tla phela, wena le ntlo ya hao.
18. Empa ha o sa tswe ho ya ineela balaodi ba morena wa Babilona, motse ona o tla neelwa matleng a Bakalde, ba o tjhese ka mollo; le wena o ke ke wa phonyoha matsohong a bona.
19. Morena Tsedekia a bolella Jeremia, a re: Ke mpa ke tshabana le Bajuda ba ineetseng Bakalde, esere ka neelwa matsohong a bona, ba bapala ka nna.
20. Jeremia a mo araba, a re: O ke ke wa neelwa matsohong a bona. O mpe o mamele lentswe la Jehova, lona leo ke o bolellang lona, mme ho tla ba molemo ho wena, moya wa hao o phele.
21. Empa ha o ka hana ho tswa, ke lona lentswe leo Jehova a ntshenoletseng lona.
22. Bona, basadi kaofela ba sa setseng ka tlung ya morena wa Juda ba tla iswa ho balaodi ba morena wa Babilona, mme ba tla re: O hlile wa phongwa, wa hlolwa ke ba neng ba o tshepisa kgotso; maoto a hao ha a tetebetse seretseng, bona ba boela kasanthao.