1. Shefathia, mora Matthane, le Gedalia, mora Pashkure, le Jukale, mora Shelemia, le Pashkure, mora Malkia, ba utlwa mantswe ao Jeremia a neng a ntse a a bolella setjhaba kaofela, a re:
2. Ho itswe ke Jehova: Ya salang motseng ona o tla shwa ke lerumo, kapa ke tlala, kapa ke lefu le sewa; empa ya tswelang ho Bakalde o tla phela, mme bophelo ba hae o tla ikgapela bona, a tle a nne a phele.
3. Ho itswe ke Jehova: Motse ona o tla neelwa ruri matleng a makgotla a morena wa Babilona, mme o tla o kena.