6. Yaba lentswe la Jehova le tla ho moporofeta Jeremia, la re:
7. Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Bolellang morena wa Juda, ya le romileng ho nna ho mpotsa, le re: Bona, makgotla a Faro a tswetseng lona ho le tlatsa, a tla boela lefatsheng la habo Egepeta;
8. mme Bakalde ba tla boya, ba lwantshe motse ona; ba tla o kena, ba o tjhese ka mollo.
9. Ho itswe ke Jehova: Le se ke la ithetsa ka ho re: Bakalde ba fela ba tla tloha, ba ye hole le rona, athe ha ba tla ke ba tloha.
10. Hobane hojane ebe le bolaile sera sohle sa Bakalde ba le lwantshang, mme ho setse batho ba maqeba feela ho bona, ba ne ba tla tsoha, e mong le e mong tenteng ya hae, ba tjhese motse ona ka mollo.
11. Eitse hobane makgotla a Bakalde a tlohe pela Jerusalema ke ho tshaba makgotla a Faro,
12. Jeremia a tswa Jerusalema ho ya lefatsheng la Benjamine, ho intsha hara setjhaba.
13. A re a sa fihla monyako wa Benjamine, molaodi wa dibohodi o ne a le hona teng, lebitso la hae e le Jireja, mora Shelemia, mora Hanania, mme a tshwara moporofeta Jeremia, ka ho re: O ya ineela Bakalde.
14. Jeremia a re: Leshano! Ha ke ye ho ineela Bakalde. Empa eo ha a ka a mo dumela. Yaba Jireja o tshwara Jeremia, a mo tlisa ho baholo.
15. Yaba baholo ba hlwenyetsa Jeremia, ba mo otla, ba mo isa tlung ya teronko, ka tlung ya Jonathane mongodi, hobane ba ne ba e entse teronko.
16. Jeremia a kena tlung ya teronko la mameneng, mme Jeremia a hlola teng ditshiu tse ngata.
17. Morena Tsedekia a ntoo romela ho mo lata, mme morena a mmotsa ka tlung ya hae, ka sephiring, a re: Na lentswe le teng le tswang ho Jehova na? Yaba Jeremia o araba, a re: Le teng. Mme a re: O tla neelwa matsohong a morena wa Babilona.
18. Hape, Jeremia a bolella morena Tsedekia, a re: Ke o sitetswe kang, kapa wena, kapa bahlanka ba hao, kapa setjhaba sena, ha le nkentse teronkong?
19. Ba kae baporofeta ba lona ba nnileng ba le porofetela, ba re: Morena wa Babilona a ke ke a le futuhela, lona le lefatshe lena?