Jeremia 37:2-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Haele yena le bahlanka ba hae le setjhaba sa lefatshe, ha ba ka ba utlwa mantswe a Jehova, ao a neng a ntse a a bolela moporofeta Jeremia.

3. Morena Tsedekia a romela Jukale, mora Shelemia, le Sofonia, mora Maaseia, moprista, ho moporofeta Jeremia, ka ho re: Ako re rapelle ho Jehova, Modimo wa rona.

4. Ke ha Jeremia a ne a ntse a kena, a etswa hara setjhaba, a eso ho kenngwe teronkong.

5. Makgotla a Faro a ne a tswile Egepeta; Bakalde ba neng ba thibella Jerusalema ba ne ba utlwile taba tseo, mme ba ne ba tlohile pela Jerusalema.

6. Yaba lentswe la Jehova le tla ho moporofeta Jeremia, la re:

7. Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Bolellang morena wa Juda, ya le romileng ho nna ho mpotsa, le re: Bona, makgotla a Faro a tswetseng lona ho le tlatsa, a tla boela lefatsheng la habo Egepeta;

8. mme Bakalde ba tla boya, ba lwantshe motse ona; ba tla o kena, ba o tjhese ka mollo.

9. Ho itswe ke Jehova: Le se ke la ithetsa ka ho re: Bakalde ba fela ba tla tloha, ba ye hole le rona, athe ha ba tla ke ba tloha.

10. Hobane hojane ebe le bolaile sera sohle sa Bakalde ba le lwantshang, mme ho setse batho ba maqeba feela ho bona, ba ne ba tla tsoha, e mong le e mong tenteng ya hae, ba tjhese motse ona ka mollo.

11. Eitse hobane makgotla a Bakalde a tlohe pela Jerusalema ke ho tshaba makgotla a Faro,

12. Jeremia a tswa Jerusalema ho ya lefatsheng la Benjamine, ho intsha hara setjhaba.

13. A re a sa fihla monyako wa Benjamine, molaodi wa dibohodi o ne a le hona teng, lebitso la hae e le Jireja, mora Shelemia, mora Hanania, mme a tshwara moporofeta Jeremia, ka ho re: O ya ineela Bakalde.

Jeremia 37