Jeremia 37:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Tulong tsa Jekonia, mora Jojakime, ha busa Tsedekia, mora Josiase, a beilwe morena lefatsheng la Juda ke Nebukadresare, morena wa Babilona.

2. Haele yena le bahlanka ba hae le setjhaba sa lefatshe, ha ba ka ba utlwa mantswe a Jehova, ao a neng a ntse a a bolela moporofeta Jeremia.

3. Morena Tsedekia a romela Jukale, mora Shelemia, le Sofonia, mora Maaseia, moprista, ho moporofeta Jeremia, ka ho re: Ako re rapelle ho Jehova, Modimo wa rona.

4. Ke ha Jeremia a ne a ntse a kena, a etswa hara setjhaba, a eso ho kenngwe teronkong.

5. Makgotla a Faro a ne a tswile Egepeta; Bakalde ba neng ba thibella Jerusalema ba ne ba utlwile taba tseo, mme ba ne ba tlohile pela Jerusalema.

6. Yaba lentswe la Jehova le tla ho moporofeta Jeremia, la re:

7. Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Bolellang morena wa Juda, ya le romileng ho nna ho mpotsa, le re: Bona, makgotla a Faro a tswetseng lona ho le tlatsa, a tla boela lefatsheng la habo Egepeta;

8. mme Bakalde ba tla boya, ba lwantshe motse ona; ba tla o kena, ba o tjhese ka mollo.

9. Ho itswe ke Jehova: Le se ke la ithetsa ka ho re: Bakalde ba fela ba tla tloha, ba ye hole le rona, athe ha ba tla ke ba tloha.

Jeremia 37