Jeremia 36:19-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Yaba baholo ba re ho Baruke: Eya, o ipate, wena le Jeremia, ho se be motho ya tsebang moo le leng teng.

20. Ba ya ho morena ka lebaleng; maqephe ba a bea ka kamoreng ya Elishama mongodi, mme ba tsebisa morena ditaba tseo kaofela.

21. Yaba morena o roma Jehudi ho lata maqephe a lengolo, a a nka ka kamoreng ya Elishama mongodi, mme Jehudi a bala ditsebeng tsa morena le ditsebeng tsa baholo ba emeng pela morena.

22. Morena o ne a dutse tlung ya mariha, e le ka kgwedi ya boroba mono o le mong; mashala a hlenneng a ne a le teng ifo pela hae.

23. Eitse hobane Jehudi a bale maqephe a mararo, kapa a mane, morena a a seha ka thipana ya mongodi, a a lahlela mollong mashaleng a leifong, ho fihlela lengolo kaofela le tjheswa.

24. Mme morena le bahlanka ba hae kaofela ha ba ka ba tshoha, ha ba ka ba hahola diaparo tsa bona, ha ba utlwa mantswe ao kaofela.

25. Empa Elnathane, le Delaia, le Gemaria, ba ne ba rapetse morena hore a se ke a tjhesa maqephe a lengolo: a mpa a sa ka a ba utlwa.

26. Mme morena a laela Jerameele, mora morena, le Seraia, mora Asriele, le Shelemia, mora Abdeele, hore ba tshware Baruke mongodi le moporofeta Jeremia; empa Jehova a ba pata.

27. Yaba lentswe la Jehova le tla ho Jeremia, ha morena a setse a tjhesitse maqephe a lengolo le nang le mangtswe ao Baruke a neng a a ngodile ka molomo wa Jeremia, le re:

28. O boele o inkele maqephe a mang, o ngole ho wona mantswe kaofela a pele, a neng a le teng maqepheng a pele a tjhesitsweng ke Jojakime, morena wa Juda.

Jeremia 36