Jeremia 36:12-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. a theohela ka tlung ya morena ka kamoreng ya mongodi; mme bonang, ba baholo ba ne ba dutse teng kaofela, e le Elishama mongodi, le Delaia, mora Shemaia, le Elnathane, mora Akbore, le Gemaria, mora Shafane, le Tsedekia, mora Hanania, le baholo ba bang kaofela.

13. Yaba Mikea o ba tsebisa mantswe wohle ao a utlwileng Baruke a a bala lengolong, ditsebeng tsa setjhaba.

14. Baholo bohle ba roma Jehudi, mora Nethania, mora Shelemia, mora Kushi, ho Baruke, ka ho re: O inkele matsohong a hao maqephe ao o badileng ho wona, pontsheng ya setjhaba, mme o tle kwano. Yaba Baruke, mora Neria, o inkela maqephe letsohong la hae, a ya ho bona.

15. Ba re ho yena: Ako dule, o bale ditsebeng tsa rona. Mme Baruke a bala ditsebeng tsa bona.

16. Eitse hobane ba utlwe mantswe ao kaofela, ba tshoha e mong le e mong, ba re ho Baruke: Re tla tsebisa morena mantswe ao kaofela.

17. Ba botsa Baruke, ba re: Ako re lekanyetse hle kamoo o kileng wa ngola mantswe ao kaofela kateng a tswileng molomong wa hae.

18. Baruke a ba araba, a re: O kile a mpolella mantswe ao kaofela ka molomo wa hae, ka a ngola lengolong ka enke.

19. Yaba baholo ba re ho Baruke: Eya, o ipate, wena le Jeremia, ho se be motho ya tsebang moo le leng teng.

20. Ba ya ho morena ka lebaleng; maqephe ba a bea ka kamoreng ya Elishama mongodi, mme ba tsebisa morena ditaba tseo kaofela.

21. Yaba morena o roma Jehudi ho lata maqephe a lengolo, a a nka ka kamoreng ya Elishama mongodi, mme Jehudi a bala ditsebeng tsa morena le ditsebeng tsa baholo ba emeng pela morena.

22. Morena o ne a dutse tlung ya mariha, e le ka kgwedi ya boroba mono o le mong; mashala a hlenneng a ne a le teng ifo pela hae.

Jeremia 36