1. Ka selemo sa bone sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, lentswe lena le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, la re:
2. O inkele maqephe a lengolo, o ngole ho wona mantswe kaofela ao nkileng ka o bolella wona bakeng sa Iseraele, le bakeng sa Juda, le bakeng sa ditjhaba kaofela, esale mohla ke buang le wena mehleng ya Josiase, ho fihlela tsatsi lena.
3. Ekaba ba ntlo ya Juda ba tla nahana bobe bohle boo ke hopotseng ho ba etsetsa jona, hore ba bake e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, ke ba leselle bokgopo ba bona le sebe sa bona.
4. Yaba Jeremia o bitsa Baruke, mora Neria, mme Baruke a ngola maqepheng a lengolo, ka molomo wa Jeremia, mantswe kaofela ao Jehova a neng a mmoleletse wona.
5. Jeremia a laela Baruke, a re: Nna ke a sitwa, nke ke ka ya tlung ya Jehova.
6. Ho ye wena, o bale maqepheng seo o se ngodileng ka molomo wa ka, e leng mantswe a Jehova, o a bale ditsebeng tsa setjhaba, ka tlung ya Jehova, tsatsing la ho itima dijo, o bale le ditsebeng tsa Bajuda kaofela ba tlileng ba etswa metseng ya bona.
7. Ekaba ba tla bea thapelo ya bona pela Jehova, ba bake e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, hobane bohale bo boholo le yona kgalefo e kgolo eo Jehova a e boletseng bakeng sa setjhaba sena.
8. Baruke, mora Neria, a etsa kahohle kamoo moporofeta Jeremia a mo laetseng kateng, a bala mantswe a Jehova lengolong leo ka tlung ya Jehova.
9. Selemong sa bohlano sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, ka kgwedi ya boroba mono o le mong, ha bolelwa tsatsi la ho itima dijo pela Jehova, la setjhaba kaofela sa Jerusalema le setjhaba kaofela se tswang metseng ya Juda ho tla Jerusalema.
10. Baruke a bala mantswe a Jeremia lengolong, ka tlung ya Jehova, ka kamoreng ya Gemaria, mora Shafane, mongodi, lebaleng le kahodimo, lepatlelong la monyako o motjha wa ntlo ya Jehova, ditsebeng tsa setjhaba kaofela.